Jobo 22:1-30

  • Elifaze o bua ka lekhetlo la boraro (1-30)

    • “Na motho o na le molemo ho Molimo?” (2, 3)

    • O qosa Jobo ka hore o meharo ebile ha a na toka (6-9)

    • ‘Khutlela ho Molimo ’me u atlehe’ (23)

22  Elifaze+ oa Motemane a re:   “Na motho o na le molemo ho Molimo? Na motho leha e le ofe ea bohlale a ka mo tsoela molemo?+   Na Ea Matla ’Ohle o na le taba* hore na u lokileKapa na ho na le molemo oo a o fumanang haeba u tšepahala?+   Na ke ka lebaka la hore oa mo hlompha a ka u fang kotloLe ho u isa khotla?   Na ha se ka lebaka la liketso tsa hao tse mpeLe liphoso tsa hao tse sa feleng?+   U nka lintho ho bana beno e le tebeletso ntle ho lebakaEbile u nkela batho liaparo tsa bona ’me u ba siea ba hlobotse.*+   Ha u fe motho ea khathetseng metsi hore a noeEbile u tima ea lapileng lijo.+   Naha ke ea motho ea matla+’Me ea ratoang o lula ho eona.   Empa bahlolohali ba tlohile ho uena u sa ba fa letho’Me u utloisitse likhutsana* bohloko. 10  Ke ka lebaka leo u pota-potiloeng ke maraba*+Ebile u tšosoa ke koluoa ea tšohanyetso. 11  Ke ka lebaka leo ho leng lefifi hoo u sa bonengLe moroallo oa metsi oa u koahela. 12  Na Molimo ha a holimo leholimong? Bona hore na linaleli tsohle li holimo hakaakang! 13  Empa u itse: ‘Molimo o tseba’ng? Na a ka ahlola lefifing le letšo-letšo? 14  Maru aa mo sira e le hore a se ke a bonaHa a ntse a tsamaea leholimong.’* 15  Na u tla ’ne u latele litsela tsa khaleTseo batho ba khopo ba tsamaileng ho tsona, 16  Batho ba ileng ba shoa ba sa le bacha*Bao motheo oa bona o ileng oa hoholoa ke moroallo?*+ 17  Ba ne ba re ho Molimo oa ’nete: ‘Khaohana le rona!’ Ba bile ba re, ‘Ea Matla ’Ohle o re etsa’ng?’ 18  Leha ho le joalo, Molimo ke eena ea tlatsitseng lintho tse molemo ka matlung a bona. (Monahano o khopo joalo ha o eo ho ’na.) 19  Batho ba lokileng ba tla bona sena ’me ba thabe,Ba se nang molato ba tla ba soma ba re: 20  ‘Bahanyetsi ba rona ba felisitsoe,Mollo o tla chesa lintho tsa bona tse setseng.’ 21  Mo tsebe ’me u tla ba le khotso,U tla fumana lintho tse ntle. 22  Amohela molao o tsoang ho eena,U boloke lipolelo tsa hae ka pelong ea hao.+ 23  Haeba u khutlela ho Ea Matla ’Ohle, u tla boela u atlehe,+Haeba u tlosa liketso tse sa lokang tenteng ea hao 24  Haeba u ka lahlela khauta ea hao lerolengLe khauta ea Ofire+ likhohlong* tse majoe, 25  Ea Matla ’Ohle e tla ba khauta ea hao,E tla ba silevera ea hao e ntle ka ho fetisisa. 26  Hape u tla thaba ka lebaka la Ea Matla ’Ohle,U tla atamela ho Molimo ka sebete.* 27  U tla mo kopa ka tieo ’me o tla u mamela. Uena u tla phetha boitlamo ba hao. 28  Lintho tsohle tseo u li etsang li tla atlehaLe litsela tsa hao li tla khanya. 29  U tla tlotlolloa ha u ikhohomosaEmpa Molimo o tla pholosa batho ba ikokobelitseng. 30  O tla pholosa batho ba se nang molato. Kahoo, haeba matsoho a hao a hloekile, joang kapa joang u tla pholosoa.”

Linaletsana

Kapa: “Na ea Matla ’Ohle oa thaba.”
Ka Seheberu: “u nka liaparo tsa batho ba hlobotseng.”
Ka Seheberu: “bana ba se nang bo-ntate.”
Ka Seheberu: “lifi tsa linonyana.”
Ka Seheberu: “selika-likoeng sa leholimo.”
Kapa: “bao bophelo ba bona bo ileng ba khutsufatsoa.”
Ka Seheberu: “noka.”
Kapa: “liphuleng.”
Ka Seheberu: “U tla phahamisa sefahleho sa hao.”