Jobo 35:1-16

  • Elihu o bontša Jobo hore o beha mabaka hampe (1-16)

    • Jobo o itse o lokile ho feta Molimo (2)

    • Molimo o phahame haholo, ha a angoe ke sebe (5, 6)

    • Jobo o lokela ho emela Molimo (14)

35  Elihu a boela a re:  2  “Na kannete u lumela hore u lokile hoo u ka reng,‘Ke lokile ho feta Molimo’?+  3  U re, ‘Na u* na le taba hore ke etsa se lokileng? Na ho ka be ho le molemo ha ke ne ke entse sebe?’+  4  Ke tla u arabaKe be ke arabe le metsoalle ea hao+ e nang le uena.  5  Sheba leholimong ’me u bone,U shebe maru+ a u phahametseng.  6  Ha u etsa sebe, na u mo utloisa bohloko?+ Ha u etsa liphoso tse ngata, na lia mo ama?+  7  Haeba u lokile, u mo fa eng,O fumana eng ho uena?+  8  Lintho tse mpe tseo u li etsang li ama batho feelaLe tse ntle tseo u li etsang lia ba ama.  9  Batho baa lla ha ba hlorisoa haholo. Ba llela ho imolloa ho batho ba matla* ba ba hlorisang.+ 10  Empa ha ho na motho ea reng, ‘O kae Molimo, ’Mopi oa ka e Moholo,+Ea etsang hore ho binoe lipina bosiu?’+ 11  O re ruta+ hore re be bohlale ho feta libata+Ebile o etsa hore re be bohlale ho feta linonyana. 12  Batho baa lla empa ha a arabe,+Ka lebaka la boikhohomoso ba batho ba khopo.+ 13  Molimo ha a mamele batho ba etsang eka baa lla.*+ Ea Matla ’Ohle ha a ba utloe. 14  Ha a u mamele le ho feta ha u tletleba ka hore ha u mo bone.+ Nyeoe ea hao e ka pel’a hae. Kahoo, u lokela ho mo emela.+ 15  Ha a e-s’o u bitse a halefile hore u tl’o ikarabellaHape ha a mamela mantsoe a se nang thuso ao u a buileng.+ 16  Jobo o phahamisa molomo ’me o bua lintho tse se nang thuso. O bua lintho tse ngata tseo a sa li tsebeng.”+

Linaletsana

^ Ho ka etsahala hore o bua le Molimo.
^ Ka Seheberu: “letsohong la.”
^ Kapa: “leshano.”