Jobo 6:1-30

  • Jobo oa araba (1-30)

    • O re o na le tokelo ea ho lla (2-6)

    • O tšelisoa ke batho ba bolotsana (15-18)

    • “’Nete ha e utloise bohloko” (25)

6  Jobo a re:   “Haeba feela mathata a ka+ a ne a ka bekhoa kaofelaLe litlokotsi tsa ka tsa behoa sekaleng!   Li boima ho feta lehlabathe la leoatle. Ke ka lebaka leo mantsoe a ka e bileng puo e hlaha.*+   Metsu ea Ea Matla ’Ohle e ntlhabile,’Mele oa ka o noa chefo ea eona,+Molimo o ntlhasela ka lintho tse ngata tse ntšosang.   Na tonki e hlaha+ e ka lla ha e e-na le joang,Kapa poho ea lla ha e e-na le furu?   Na lijo tse se nang tatso li ka jeoa li se na letsoai,Kapa na hoa thabisa ho ja ntho e se nang tatso?   Ke hanne ho tšoara lintho tse tšoanang le tsena. Li tšoana le lijo tse senyehileng.   E se eka kopo ea ka e ka mameloa’Me Molimo a mpha seo ke se kopang.   E se eka Molimo a ka qeta ka ’na,A otlolle letsoho la hae ebe oa mpolaea.+ 10  Ho etsa joalo ho ne ho tla ntšelisa,Ke ne ke tla tlola ke thabo ho sa tsotellehe bohloko boo ke bo utloang,Kaha ha kea hana mantsoe a Ea Halalelang.+ 11  Na ke na le matla a ho mamella?+ ’Me ke emetsoe ke’ng e le hore ke ’ne ke tsoele pele ke phela?* 12  Na ke thata joaloka lefika? Na letlalo la ka le entsoe ka koporo? 13  Ke tla thusoa ke mangHa bohle ba ka nthusang ba le sieo? 14  Mang kapa mang ea sa bontšeng ngoan’abo lerato*+A ke ke a tšaba Ea Matla ’Ohle.+ 15  Metsoalle* ea ka e bile bolotsana+ joaloka nokana ea mariha,Joaloka metsi a linokana tsa mariha a pshang. 16  Li fifalitsoe ke leqhoa,Lehloa le ipatile ho tsona. 17  Empa ha nako e ntse e ea li felloa ke metsi,Ha ho chesa lia psha. 18  Litsela tsa tsona lia fapoha,Li theohela lehoatateng ebe lia nyamela. 19  Lihlopha tsa bo-rakhoebo ba Tema+ li batlana le tsona,Lihlopha tsa batho ba tsamaeang ba tsoang Sheba*+ lia li emela. 20  Ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la ho tšepa ntho e sieo,Ha ba fihla moo baa soetseha. 21  Ke kamoo le leng kateng ho ’na,+Le bone mathata a ka a tšosang eaba lea tšoha.+ 22  Na ho na le ntho eo ke ileng ka le kopa eona,Kapa na ke ile ka re le mphe mpho ho tsoa maruong a lona? 23  Na ke ile ka re le mpholose letsohong la sera sa kaKapa ka re le mpholose* ho ba nkhatellang? 24  Mpolelleng hore na ke entse’ng ’me ke tla le mamela ke khutsitse,+Nthuseng ho utloisisa phoso ea ka. 25  ’Nete ha e utloise bohloko,+Empa khalemelo ea lona e na le molemo ofe?+ 26  Na le rera ho nkhalemella mantsoe ao ke qetang ho a bua,Mantsoe a monna ea utloileng bohloko,+ a fefoloang ke moea? 27  Le ka lahla le lotho bakeng sa khutsana+’Me la rekisa motsoalle oa lona.+ 28  Joale nchebeng,Hobane nke ke ka le bolella leshano. 29  Ke kopa le nahanisise taba ena hantle, le se ke la nkahlolela ntho e sieo,Ke kopa le nahane hantle hobane ha kea etsa letho le phoso. 30  Na ke buile lintho tse fosahetseng? Le nahana hore ha ke bone hore ho na le ntho e phoso?

Linaletsana

Kapa: “a sa nahanoang hantle.”
Kapa: “phele nako e telele.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Bana beso.”
Kapa: “Sehlopha sa batho ba tsamaeang sa Basabea.”
Ka Seheberu: “ntopolle.”