Jobo 38:1-41

  • Jehova o ruta hore batho ha ba lekane le eena (1-41)

    • “U ne u le hokae ha ke etsa lefatše?” (4-6)

    • Bara ba Molimo ba ile ba mo rorisa (7)

    • Lipotso ka lintho tse bopiloeng (8-32)

    • “Melao e laolang lintho tse maholimong” (33)

38  Jehova a araba Jobo a le ka har’a sefefo a re:+  2  “Ke mang eo ea senyang merero ea ka,Ea buang a se na tsebo?+  3  Ke kopa u itokise ’me u etse lintho joaloka monna. Ke tla u botsa lipotso ’me uena u nkarabe.  4  U ne u le hokae ha ke etsa lefatše?+ Mpolelle haeba u nahana hore oa tseba.  5  Na oa tseba hore na ke mang ea entseng qeto ea hore na le be lekaeKapa ea sebelisang thapo ho lekanya hore na le lekae?  6  Na ho na le lipilara tse tšehelitseng lefatšeKapa na oa tseba hore na ke mang ea entseng motheo* oa lona?+  7  Ha linaleli tsa hoseng+ li hoeletsa hammoho li thabileLe ha bara bohle ba Molimo*+ ba mo rorisa?  8  Ke mang ea ileng a koalla leoatle+Ha le phatloha mehloling* ea lona,  9  Ha ke le koahela* ka maruLe ka lefifi le letšo, 10  Ha ke le behela meeli ea hore na le felle hokaeEbile ke le koalla ka menyako+ 11  Eaba ke re ho lona, ‘U ka fella mona empa u se ke oa fetela peleEbile ke hona mona moo maqhubu a hao a phahameng* a tla fella teng’?+ 12  Na u kile* oa laela hore e be hosengKapa hore e be mesong,+ 13  Na ke uena ea etsang hore khanya ea hoseng e fihle qetellong ea lefatšeE le hore liketso tsa batho ba khopo li senolehe?+ 14  Lefatše le fetoloa joaloka letsopa le tlas’a reng e tempang,Le shebahala joaloka seaparo se setle. 15  Empa batho ba khopo ha ba fumane khanya’Me ba emisa ho utloisa batho bohloko. 16  Na u kile oa theohela mehloling ea leoatleKapa oa hlahloba metsi a tebileng a lona?+ 17  Na u bontšitsoe menyako ea lefu+Kapa na u kile oa bona menyako ea lefifi le letšo?*+ 18  Na oa utloisisa hore na lefatše le leholo hakae?+ Mpolelle haeba u tseba lintho tsena kaofela. 19  Na oa tseba hore na khanya e lula hokae+Le hore na lefifi le lula hokae 20  E le hore u ka li isa moo li lulang? Na u tseba le tsela e eang matlong a tsona? 21  Na u tseba lintho tsee hobane u ne u se u hlahileEbile u se u phetse nako e telele? 22  Na u kile oa kena ka litorong* tsa lehloa+Kapa oa bona litoro tsa sefako,+ 23  Tseo ke li behetseng nako ea mathataLe letsatsi la ntoa?+ 24  Leseli* le khanya li tsoa lehlakoreng lefe? Moea o tsoang bochabela o fokela hokae lefatšeng?+ 25  Ke mang ea buletseng metsi maholimong hore pula e neLe ea entseng tsela bakeng sa maru a lehalima le sefefo,+ 26  Ho nesa pula moo batho ba sa luleng teng,Naheng moo ho se nang batho?+ 27  Ke mang ea nesang pula sebakeng se ommeng,Ea etsang hore joang bo mele hape?+ 28  Na pula e na le ntate+Kapa na marotholi a phoka a na le ntate?+ 29  Ke mang ea tsoetseng leqhoaLe ea tsoetseng serame,+ 30  Ha metsi a le thata joaloka lejoe,Ka holimo a tiile e le leqhoa?+ 31  Na u ka khona ho tlama sehlopha sa linaleli sa Kima* ka lithapoKapa na u ka khona ho tlamolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?*+ 32  Na u ka tataisa sehlopha sa linaleli* ka nako ea sonaKapa oa tataisa sehlopha sa linaleli sa Ashe?* 33  Na u tseba melao e laolang lintho tse maholimong*+Kapa na u ka li laela hore na li etse’ng lefatšeng? 34  Na u ka laela maruHore a nese pula e ngata hoo metsi a ka u koahelang?+ 35  Na u ka bitsa mahalima? Na a tla tla ebe a re ho uena, ‘Ke rona bana?’ 36  Ke mang ea fileng maru* bohlale+Kapa lintho tse maholimong kutloisiso?*+ 37  Ke mang ea bohlale ea ka khonang ho bala maruKapa ke mang ea ka khonang ho qhala linkho tsa metsi tsa leholimo,+ 38  Ea etsang hore lerole e be seretseLe makote a khomarelane? 39  Na u ka tsomela litau phofuKapa oa fa malinyane a tsona lijo ho fihlela a khotše?+ 40  Na u ka li fepa ha li bothile libakeng tseo li ipatang ho tsona’Me li emetse ho hlasela? 41  Ke mang ea ka fang lekhoaba lijo+E le hore le fepe malinyane a lona a ntseng a ea holimo le tlase a batla seo a ka se jangA bile a kopa thuso ho Molimo?

Linaletsana

^ Kapa: “lejoe la pele la motheo.”
^ Maele a Seheberu a bolelang bara ba Molimo ba mangeloi.
^ Ka Seheberu: “popelo.”
^ Kapa: “apesa.”
^ Ka Seheberu: “ikhohomosang.”
^ Ka Seheberu: “Na haesale u tsoaloa u kile.”
^ Kapa: “moriti oa lefu.”
^ Kapa: “matlong a polokelo.”
^ Kapa mohlomong: “Lehalima.”
^ Mohlomong ke linaleli tsa Selemela tse ka har’a sehlopha sa linaleli sa Tauruse (Taurus).
^ Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Orione (Orion).
^ Ka Seheberu: “Mazarothe.” Ho 2 Marena 23:5 polelo e reng ‘sehlopha sa linaleli’ e bongateng ’me e bolela lihlopha tsa linaleli tsa zodiake.
^ Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Bere e Kholo (Ursa Major).
^ Ka Seheberu: “maholimo.”
^ Kapa mohlomong: “motho.”
^ Kapa mohlomong: “kelello.”