Jobo 26:1-14

  • Jobo oa araba (1-14)

    • ‘U thusitse batho ba se nang matla’ (1-4)

    • ‘Molimo o etsa hore lefatše le leketle moeeng’ (7)

    • ‘Linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ (14)

26  Jobo a re:  2  “Kannete u thusitse motho ea se nang matlaEbile u mo pholositse.+  3  U fane ka keletso e molemo hakaakang ho motho ea seng bohlale.+ U bontšitse hore u bohlale.*  4  U leka ho bua le mang,Ke mang ea u susumelitseng hore u bue lintho tseo?  5  Ba shoeleng ha ba na matla ’me baa thothomela ka pel’a Molimo,Ba tlase le ho feta metsi le libopuoa tse lulang ho ’ona.  6  Ha ho letho le Lebitleng* leo Molimo a sa le boneng+Ebile o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka sekoting sa timetso.*  7  O otlolla sepaka-paka holim’a sebaka se se nang letho,*+O etsa hore lefatše le leketle moeeng.  8  O phuthela metsi ka maru a hae,Ka tsela e tla etsa hore maru a se ke a phatloha ka lebaka la boima ba metsi.+  9  O koahela terone ea haeKa leru la hae.+ 10  O etsa moeli pakeng tsa sepaka-paka le leoatle+Le pakeng tsa lefifi le khanya. 11  Le lipilara tsa leholimo lia thothomela,Li tšosoa ke khalefo ea hae. 12  O fuluha leoatle ka matla a hae,+Ka lebaka la kutloisiso ea hae o roba phoofolo e kholohali ea leoatle* likotoana.+ 13  O hloekisa sepaka-paka ka moea oo a o hemang,O hlaba noha e thellang. 14  Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae,+Lintho tseo re li utloileng ka eena li joaloka mohoeshetso feela. Ke mang ea ka utloisisang lehalima la hae le matla?”+

Linaletsana

^ Kapa: “u na le kelello.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “Abadone.”
^ Ka Seheberu: “lefeela.”
^ Ka Seheberu: “Rahaba.”