Jobo 19:1-29

  • Jobo oa araba (1-29)

    • Ha a lumellane le lintho tseo batho ba iketsang metsoalle ea hae ba li buang (1-6)

    • O re o lahliloe (13-19)

    • “Molopolli oa ka oa phela” (25)

19  Jobo a re:  2  “Le tla nkutloisa bohloko+Le ho nkhoba ka mantsoe ho fihlela neng?+  3  Le nkhalemetse* ka makhetlo ana a leshome,Ha le hlajoe ke lihlong hore ebe le ntšoara hampe.+  4  Haeba kannete ke entse phoso,Phoso ea ka ha e le ame ka letho.  5  Haeba le tsoela pele ho iphahamisetsa ’na,Ka hore ebe le re ho lokile ha ke hlaheloa ke lintho tsena tse bohloko,  6  Tsebang hore ke Molimo ea nkhelositseng,O ntšoasitse ka sefi seo a tsomang ka sona.  7  Ke ntse ke hoeletsa ke re, ‘Ke tšoeroe hampe!’ empa ha ho na motho ea arabang.+ Ke ntse ke kopa thuso empa ha ho na toka.+  8  O koetse tsela ea ka ka lerako le entsoeng ka majoe ’me ha ke khone ho feta,O koahetse litsela tsa ka ka lefifi.+  9  O entse hore ke se ke ka hlompheha’Me a tlosa korone hloohong ea ka. 10  O ntlhasela ka mahlakore ’ohle ho fihlela ke shoa,Tšepo ea ka o e fothola joaloka sefate. 11  O nkhalefela ka matla,O nka hore ke sera sa hae.+ 12  Masole a hae aa ikopanya ebe aa nthibella,A hloma litente ho potoloha tente ea ka. 13  O leleketse bana beso hole le ’na,’Me batho ba ntsebang ba mphetohetse.+ 14  Metsoalle* ea ka e ntahlile,’Me batho bao ke ba tsebang ha ba sa nkhopola.+ 15  Makhoba a ka a basali le baeti ba ka tlung ea ka+ ba nkuka ke le motho eo ba sa mo tsebeng,Ke molichaba mahlong a bona. 16  Ke bitsa mohlanka oa ka empa ha a arabe,Ke mo kopa hore a nqenehele. 17  Ha ke hema mosali oa ka oa nkheloa,+Ke se ke nkhela le bana beso hampe.* 18  Le bana ba banyenyane ba ntlhoile,Ha ba mpona* feela baa ntšoma. 19  Metsoalle ea ka kaofela e ntlhoile,+Batho bao ke neng ke ba rata ba mphetohetse.+ 20  Letlalo la ka le khomaretse masapo a ka,+Ke phonyohile lefu ka lesoba la nale.* 21  Nkhauheleng metsoalle ea ka, nkhauhelengKaha Molimo o nkotlile.*+ 22  Ke hobane’ng ha le ntlhorisa joalokaha Molimo a ntlhorisa,+Le ntlhasela le sa tele?*+ 23  Haeba feela mantsoe a ka a ne a ka ngoloa fatše,Haeba feela a ne a ka ngoloa bukeng! 24  Hoja a ne a ka ngoloa ka ho sa feleng lefikeng,Ka pene ea tšepe le ka loto! 25  Kaha ke tseba hantle hore molopolli oa ka+ oa phela,O tla tla hamorao ’me a phahamele lefatše.* 26  Ka mor’a hore letlalo la ka le senyehe,Ha ke sa ntse ke phela, ke tla bona Molimo, 27  Ke tla iponela eena,Mahlo a ka a tla mo bona, eseng a motho e mong.+ Empa ka hare ho ’na ke imetsoe.* 28  Kaha le re, ‘Re mo hlorisa ka tsela efe?’+ Joalokaha eka bothata ke ’na. 29  Le lokela ho tšaba sabole,+Kaha ba etsang liphoso ba tla ahloloa ka eona,E le hore le ka tseba hore ho na le moahloli.”+

Linaletsana

^ Kapa: “nthohakile.”
^ Kapa: “Ba leloko.”
^ Ka Seheberu: “bara ba popelo ea ka” e leng popelo e ntsoetseng (popelo ea ’mè oa ka).
^ Ka Seheberu: “Ha ke tsoha.”
^ Ka Seheberu: “Ke phonyohile ka letlalo la meno a ka.”
^ Ka Seheberu: “Kaha letsoho la Molimo le nthetsitse.”
^ Ka Seheberu: “Le sa khotsofalle nama ea ka?”
^ Ka Seheberu: “holim’a lerole.”
^ Kapa: “Liphio tsa ka li feletsoe ke matla ka hare ho ’na.”