Jobo 8:1-22

  • Bildade o qala ho bua (1-22)

    • O re bana ba Jobo ba entse sebe (4)

    • ‘Haeba u ne u hloekile, Molimo o ne a tla u sireletsa’ (6)

    • O re Jobo ha a lumele ho Molimo (13)

8  Bildade+ oa Moshuha+ a re:   “U tla bua ka tsela ee ho fihlela neng?+ Mantsoe a hao ha a na thuso joaloka moea o matla.   Na Molimo a ka ahlola ka tsela e sa lokang,Kapa na Ea Matla ’Ohle a ka senya ntho e lokileng?   Haeba bana ba hao ba mo sitetsoe,O ba file kotlo ka lebaka la libe tsa bona.   Empa haeba u ka batla Molimo+’Me oa kopa Ea Matla ’Ohle hore a u hauhele,   Hape haeba u ne u hloekile ebile u lokile,+O ne a tla u mamelaA be a u khutlisetse sebakeng sa hao se nepahetseng.   Le hoja qalong u ne u se na lintho tse ngata,U ne u tla atleha nakong e tlang.+   Ke kopa u hlahlobe histori ea moloko o fetileng’Me u hlokomele lintho tseo baholo-holo ba oona ba li fumaneng.+   Rona re hlahile maobane ’me ha re tsebe letho,Matsatsi a rona lefatšeng a joaloka moriti. 10  Ba tla u bolella,Hape ba u hlalosetse lintho tseo ba li tsebang.* 11  Na semela sa loli se ka hola sa ba selelele sebakeng se lulang se se na metsi? Na lehlaka le tla hola le be lelelele ho se na metsi? 12  Le pele le thunya kapa le khuoa,Le tla omella pele ho semela sefe kapa sefe. 13  Ho etsahala ntho e tšoanang ka batho bohle ba lebalang Molimo,Tšepo ea ea lahlileng Molimo e tla fela,* 14  Eo tšepo ea hae e leng ea lefeelaLe ea itšepisitseng ntho e se nang thuso joaloka tepo* ea sekho. 15  O tla itšetleha ka eona* empa e tla oa. A leke ho itšoarella empa e senyehe. 16  O joaloka semela se mongobo letsatsing’Me letlobo la hae le tlala hohle serapeng.+ 17  Methapo ea hae e harelana qubung ea majoe,O batlana le ntlo har’a majoe.* 18  Empa ha a ntšoa ka metso sebakeng sa hae,Sebaka seo se tla mo latola se re, ‘Ke qala le ho u bona.’+ 19  Ke ka tsela eo a tla nyamela ka eona,+Ka mor’a moo, ho tla hlaha ba bang ho tsoa leroleng. 20  Le ka mohla Molimo a ke ke a lahla batho ba tšepahalang*Kapa a tšehetse* batho ba khopo. 21  O tla boela a etse hore u thabeLe hore molomo oa hao o hoeletse ka thabo. 22  Ba u hloileng ba tla hlajoa ke lihlong’Me tente ea ba khopo e tla ba sieo.”

Linaletsana

Ka Seheberu: “Ba hlahise mantsoe ka lipelong tsa bona.”
Kapa: “Tšepo ea mokoenehi e tla fela.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Kapa: “O shebile ntlo e entsoeng ka majoe.”
Kapa: “ba sa tšoauoeng phoso.”
Ka Seheberu: “tšoare letsoho la.”