Jobo 41:1-34

  • Molimo o hlalosa matla a Leviathane (1-34)

41  Na u ka tšoasa Leviathane*+ ka huku e tšoasang litlhapi*Kapa oa tlama leleme la eona ka ropo?   Na u ka kenya ropo* ka linkong tsa eonaKapa oa phunya mehlahare ea eona ka hakisi?*   Na e tla u kopa hore u e qeneheleKapa na e tla bua le uena ka bonolo?   Na e tla etsa selekane le uenaE le hore u ka e etsa lekhoba la hao bophelo bohle ba eona?   Na u tla bapala le eona joalokaha eka ke nonyanaKapa na u tla e tlamela barali ba hao hore ba bapale ka eona?   Na bo-rakhoebo ba tla e rekisa? Na ba tla e arolelana?   Na u tla hlaba letlalo la eona+Kapa hlooho ea eona ka marumo a hlabang litlhapi?   Ha u ka beha letsoho la hao holim’a eona,U ke ke oa lebala hore na e u hlasetse joang ’me u ke ke oa hlola u le beha hape.   Haeba u nahana hore u tla e tšoara, oa ithetsa. Ha u e bona feela u tla tšoha haholo u be u oele fatše. 10  Ha ho na motho ea ka bang le sebete sa ho e qala. Joale ke mang ea ka emang ka pel’a ka?+ 11  Na ho na le motho eo ke mo kolotang?+ Lintho tsohle tse lefatšeng ke tsa ka.+ 12  Nke ke ka tlohela ho bua ka maoto a eona,Matla a eona le kamoo ’mele oa eona o entsoeng kateng. 13  Ke mang ea tlositseng letlalo la eona? Ke mang ea tla kena ka mehlahareng ea eona e bulehileng? 14  Ke mang ea nang le sebete sa ho bula molomo oa eona? Meno a eona kaofela aa tšosa. 15  Mokokotlo oa eona o na le makhakhapha a entseng mela,A kopantsoeng hammoho ka thata. 16  A mamarelane haholoHoo moea o sa khoneng ho kena lipakeng tsa ’ona. 17  A khomarelane’Me a ke ke a aroloa. 18  Ha e thimola ho hlaha khanya,Le mahlo a eona ekare khanya ea mesong. 19  Molomong oa eona ho benya lehalima. Ho tsoa le litlhase tsa mollo. 20  Ho kubella mosi linkong tsa eonaJoalokaha eka ho kentsoe joang ba loli ka seboping sa mollo. 21  Ha e hema e tukisa mashalaEbile ho tsoa lelakabe molomong oa eona. 22  Molala oa eona o matla haholo,Batho ba kopanang le eona baa tšoha. 23  Letlalo la eona la mpa le thataJoaloka tšepe ’me le ke ke la tlosoa. 24  Pelo ea eona e thata joaloka lejoe,E thata joaloka leloala.* 25  Ha e tsoha le batho ba matla baa tšoha. Leha e sisinyeha feela baa ferekana. 26  Ha ho na sabole, lerumoKapa motsu o ka khonang ho e hlaba.+ 27  Ho eona tšepe e joaloka joangLe koporo e joaloka patsi e bolileng. 28  Ha e balehisoe ke motsu. Majoe a letjeketjane a ba joaloka lehlaka ho eona. 29  E bona molamu e le lehlaka feela,Ea tšeha ha e utloa molumo oa lerumo le betsoang. 30  Mpa ea eona e bohale joaloka maqhetsoana a sejana sa letsopa. E ipitika seretseng joaloka selei* se polang.+ 31  E belisa metsi joaloka pitsaLe leoatle joaloka pitsa ea mafura. 32  Ha e tsamaea ka metsing e etsa makoeba. Motho a ka nahana hore metsi a na le moriri o mo putsoa. 33  Ha ho na ntho e tšoanang le eona lefatšeng,Molimo o e entse hore e se ke ea tšaba letho. 34  Ha e tšabe ho sheba liphoofolo tse itšepang. Ke morena oa libata tsohle tse matla.”

Linaletsana

Mohlomong ho buuoa ka koena.
Kapa: “selope.”
Ka Seheberu: “joang ba loli.”
Ka Seheberu: “motsu.”
Lejoe le sebelisetsoang ho sila.
Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.