Jobo 37:1-24
37 Pelo ea ka e otla kapeleEbile ekare e tla tloha sebakeng sa eona.
2 Mamelang ka hloko lentsoe la hae le matlaLe molumo o tsoang molomong oa hae.
3 Le utloahala le tlas’a maholimoLe lehalima+ la hae le fihla qetellong ea lefatše.
4 Ka mor’a moo, ho utloahala molumo oa ho puruma,Lentsoe la Molimo+ ekare sealuma,Lehalima lea benya ha a ntse a bua.
5 Lentsoe la Molimo le luma+ ka tsela e hlollang.
O etsa lintho tse kholo tseo re ke keng ra khona ho li utloisisa.+
6 O re ho lehloa, ‘Khetheha lefatšeng’+Le ho pula e matla, ‘Tšoloha ka matla.’+
7 Molimo o emisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e etsang*E le hore ba tle ba tsebe mesebetsi ea hae.
8 Liphoofolo tse hlaha li kena ka moo li lulang ka teng*’Me ha li tsoele ka ntle.
9 Ho hlaha sefefo+Le serame se tsoang moeeng oa leboea.+
10 Phefumoloho ea Molimo e etsa hore metsi e be leqhoa+Le metsi a libakeng tse ngata e be leqhoa.+
11 O etsa hore maru a imeloe ke mongobo.
O etsa hore lehalima+ le khanye marung.
12 O a isa hohle moo a batlang teng.
A etsa lintho tsohle tseo a laelang+ hore a li etse lefatšeng.
13 O sebelisa maru ho fana ka kahlolo+ kapa ho nosetsa lefatšeKapa ho bontša lerato* la hae.+
14 ’Mamele Jobo.
Ema hanyenyane ’me u nahanisise ka mesebetsi e hlollang ea Molimo.+
15 Na oa tseba hore na Molimo o laola maru joangLe kamoo a etsang hore lehalima le khanye ho ’ona?
16 Na oa tseba hore na maru a leketlile joang?+
Ena ke mesebetsi e hlollang ea ea nang le tsebo e phethahetseng.+
17 Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li futhumalaHa moea o hlahang ka boroa o etsa hore lefatše le thole?+
18 Na uena le eena le ka otlolla sepaka-paka,+Se thata joaloka seipone sa tšepe?
19 Re bolelle hore na re re’ng ho eena.
Ha re khone ho araba hobane ha re tsebe letho.
20 Na nka bolella Molimo hore ke batla ho bua le eena?
Kapa na ho na le motho ea buileng ntho e itseng e hlokang hore e buuoe le eena?+
21 Batho ha ba khone le ho bona khanya*Le hoja e khantšitse sepaka-pakeng,Ha ba khone ho e bona ho fihlela moea o feta ’me o tlosa maru.
22 Ka leboea ho hlaha khanya e phatsimang joaloka khauta.
Matla a Molimo+ aa hlolla.
23 Ha ho motho ea ka utloisisang Ea Matla ’Ohle.+
O matla haholo,+O lokile+ ebile o lula a etsa lintho ka toka.+
24 Ka lebaka leo, batho ba lokela ho mo hlompha*+Kaha ha a rate batho ba nahanang hore ba bohlale.”+

