Jobo 36:1-33
36 Elihu a boela a re:
2 “Ke kopa u se ke oa fela pelo ha ke ntse ke bua,Ha ke e-s’o qete ho buella Molimo.
3 Ke tla bua lintho tsohle tseo ke li tsebang,Ke tla bolela hore ’Mopi oa ka o lokile.+
4 Lintho tseo ke li buang ke ’nete.
Li tsoa ho ea nang le tsebo e phethahetseng.+
5 Kannete Molimo o matla+ ebile ha ho na motho eo a mo lahlang.
O na le kutloisiso e kholo.
6 A ke ke a sireletsa batho ba khopo+Empa o tla etsa hore batho ba hlorisoang ba tšoaroe ka toka.+
7 O lula a shebile batho ba lokileng,+O ba beha literoneng le marena*+ ’me ba tla phahamisoa ka ho sa feleng.
8 Haeba batho ba lokileng ba etsa sebe ebe baa tšoaroaEbile ba utloa bohloko hobane ba tlanngoe ka liketane,
9 O tla ba bolella lintho tseo ba li entseng,Liphoso tseo ba li entseng ka lebaka la ho ikhohomosa.
10 O bula litsebe tsa bona e le hore ba utloe ha a ba khalemelaEbile o re ba tlohele ho etsa lintho tse mpe.+
11 Haeba ba mo mamelaBa bile ba mo sebeletsa,Ba tla atleha ’me ba thabele bophelo.+
12 Empa haeba ba sa mamele, ba tla bolaoa ka sabole.*+
Ba tla shoa ba se na tsebo.
13 Batho ba lahlileng Molimo* ba tla lula ba utloile bohloko.
Ha ba kope thuso leha a ba fa kotlo.
14 Ba shoa ba ntse ba le bacha,+Ba lula le* matekatse a banna.*+
15 Empa Molimo* o pholosa batho ba hlorisoang,O etsa hore ba mo utloe ha ba hatelloa.
16 O u ntša mathateng a u ise sebakeng se bulehileng,+Se sa patisanang, a u tšelise+Ka ho u behela lijo tse monate tafoleng.+
17 U tla khotsofatsoa ke kahlolo eo batho ba khopo+ ba tla e fuoa,Ha ba fuoa kahlolo ’me ho ba le toka.
18 Empa u itlhokomele hore ho halefa ho se ke ha etsa hore u be le lehloeo+Hape u se ke oa lumella hore ho fuoa tjotjo ho etse hore u etse lintho tse fosahetseng.
19 Na boiteko leha e le bofe boo u bo etsangBa ho kopa thuso, bo tla etsa hore u se ke oa ba le matšoenyeho?+
20 U se ke oa tatela hore ebe bosiu,Ha batho ba nyamela libakeng tsa bona.
21 U se ke oa khetha ho etsa lintho tse mpeHobane u sa batle ho mamella ho hlorisoa.+
22 Molimo o matla haholo.
Ha ho na morupeli ea tšoanang le eena.
23 Ke mang ea kileng a mo bolella hore na a etse’ng*+Kapa a re ho eena, ‘U entse ntho e fosahetseng’?+
24 U se ke oa lebala ho mo rorisa ka lebaka la mesebetsi ea hae,+Eo batho ba binneng ka eona.+
25 Batho bohle ba e boneEmpa ba e bonela hole.
26 Molimo o moholo ho feta kamoo re nahanang kateng.+
Ha ho na motho ea ka khonang ho bala lilemo tsa hae.+
27 O hulela marotholi a metsi holimo+Ebe marotholi ao a fetoha maru.
28 Ka mor’a moo, pula ea na.+
E nesetsoa batho.
29 Ke mang ea ka utloisisang hore na maru a entsoe joangLe ea ka utloisisang molumo oa ’ona o tsoang tenteng ea hae?*+
30 Bona kamoo lehalima*+ le khanyang kateng marungLe kamoo maru a koahelang leoatle ka metsi a mangata.
31 O sebelisa lintho tsena ho hlokomela bathoKa ho ba fa lijo tse ngata.+
32 O tšoara lehalima ka matsoho a haeEbe o le isa moo a batlang hore le otle teng.+
33 Sealuma se phatlalatsa hore Molimo o tengLe liphoofolo tse ruiloeng lia tseba hore na ke mang* ea tlang.
Linaletsana
^ Kapa mohlomong: “O beha marena literoneng.”
^ Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”
^ Kapa: “Bakoenehi.”
^ Kapa mohlomong: “Ba shoella har’a.”
^ Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
^ Ka Seheberu: “O.”
^ Kapa mohlomong: “a ikarabelle.”
^ Kapa: “leholimong.”
^ Ka Seheberu: “leseli.”
^ Kapa mohlomong: “ke eng.”