Jobo 40:1-24

  • Lipotso tse ling tse botsoang ke Jehova (1-24)

    • Jobo oa lumela hore o feletsoe ke mantsoe (3-5)

    • “Na u tla re ha ke na toka?” (8)

    • Molimo o hlalosa matla a Behemothe (15-24)

40  Jehova a boela a re ho Jobo:  2  “Na motho a ka loantša Ea Matla ’Ohle hobane a nahana hore o fositse?+ Haeba ho na le motho ea batlang ho khalemela Molimo a bue.”+  3  Jobo a araba Jehova a re:  4  “Ha ke motho oa bohlokoa.+ Nka u araba ke re’ng? Ke tla thola.+  5  Ke buile ho lekaneHa ke sa tla hlola ke bua hape.”  6  Jehova a araba Jobo a le ka har’a sefefo a re:+  7  “Ke kopa u itokise ’me u etse lintho joaloka monna. Ke tla u botsa lipotso ’me uena u nkarabe.+  8  Na u tla re* ha ke na toka? Na u tla nkahlola e le hore e be uena ea nepileng?+  9  Na u na le matla a lekanang le a Molimo oa ’nete+Kapa na lentsoe la hao le ka luma joaloka la hae?+ 10  Ke kopa u bontše khanya ea hao le hore na u matla hakae. U bontše kamoo u hlomphehang le kamoo u leng moholo kateng. 11  Ntša khalefo eohle e ka ho uena. Theolela motho e mong le e mong ea ikhohomosang tlase. 12  Kokobetsa motho e mong le e mong ea ikhohomosang,U be u felise batho ba khopo hohle moo ba leng teng. 13  Kaofela ha bona u ba pate leroleng. U ba tlamelle ka lebitleng. 14  Haeba u ka etsa lintho tsena,Ke tla lumela* hore u ka khona ho ipholosa ka matla a hao. 15  Behemothe* ke ena le eona ke e bopile joalokaha ke u bopile. E ja joang joaloka poho. 16  Bona matla a lethekeng la eonaLe matla a eona a mesifeng ea mpa. 17  E tiisa mohatla oa eona joaloka sefate sa kedare. Mesifa ea lirope tsa eona ekare e loheletsoe hammoho. 18  Masapo a eona ekare a entsoe ka koporoLe maoto a eona ekare a entsoe ka tšepe. 19  Mofuteng oa eona oa liphoofolo, ke eona ea pele le e matla eo Molimo a e bopileng. Ke ’Mopi oa eona feela ea ka e hlaselang le ho e bolaea ka sabole. 20  Lithaba li e melisetsa lijo,Moo liphoofolo tsohle tsa naha li bapallang teng. 21  E robala tlas’a lifate tse hlabang,*Sebakeng se sireletsehileng se nang le lehlaka le seretse. 22  Lifate tse hlabang li e etsetsa moritiHape e potiloe ke lifate tsa popoliri tsa khohlo.* 23  Ha e tšohe leha noka e phalla ka matla. E sebete le hoja metsi a noka ea Jordane+ a e otla ka matla. 24  Na ho na le motho ea ka e tšoarang e ntse e shebile? Kapa ea ka phunyang nko ea eona ka hakisi?*

Linaletsana

^ Kapa: “belaela hore.”
^ Kapa: “babatsa.”
^ Kapa mohlomong: “Kubu.”
^ Kapa: “lifate tsa lotase.”
^ Ka Seheberu: “leraba.”