Jobo 29:1-25
29 Jobo a boela a re:
2 “Ekare nka khutlela likhoeling tse fetileng,Nakong eo Molimo a neng a ntširelelitse.
3 Ha a ne a etsa hore lebone la hae le khanye hloohong ea ka,A nkhantšetsa nakong eo ke neng ke tsamaea lefifing.+
4 Ha ke ne ke ntse ke e-na le matla,Nakong eo Molimo e neng e le motsoalle oa ka.*+
5 Ha Ea Matla ’Ohle a ne a e-na le ’naLe bana* ba ka ba mpota-potile.
6 Ha ke ne ke hlatsoa maoto a ka ka har’a botoroHa oli ea ka e sa ntse e tšoloha le majoeng.+
7 Ha ke ne ke tloaetse ho ea keiting ea motse+Ke lula lebaleng,+
8 Ha bahlankana ba mpona ba ne ba emella ka thoko,*Banna ba baholo ba ema ka maoto.+
9 Likhosana li ne li thola,Li beha matsoho molomong.
10 Banna ba hlomphehang ba ne ba thola,Maleme a bona a khomarela mahalapa.*
11 Motho leha e le ofe ea neng a nkutloa ha ke bua o ne a mpabatsa,Ba neng ba mpona ba ne ba bua hantle ka ’na.
12 Ke ne ke pholosa bafutsana ba kopang thuso+Le likhutsana* hammoho le mang kapa mang ea neng a se na motho ea mo thusang.+
13 Motho ea haufi le ho shoa o ne a bua hantle ka ’na+Ke ne ke etsa hore mohlolohali a thabe.+
14 Ke ne ke apara ho loka joaloka liaparo.
Toka ea ka e le joaloka seaparo se selelele* le tuku.
15 Ke ne ke le mahlo ho batho ba sa boneng,Ke le maoto ho ba holofetseng.
16 Ke ne ke le ntate oa bafutsana.+
Ke ne ke batlisisa nyeoe ea batho bao ke sa ba tsebeng e le hore ke ba thuse.+
17 Ke ne ke pshatla mehlahare ea batho ba etsang lintho tse mpe,+Ke pholosa batho bao ba ba hlorisang.
18 Ke ne ke tloaetse ho re, ‘Ke tla shoella ka tlung ea ka,+Matsatsi a bophelo ba ka a tla ba mangata joaloka lehlabathe.
19 Metso ea ka e tla namela ka metsingLe phoka e lule holim’a makala a ka bosiu kaofela.
20 Khanya ea ka e lula e nchafatsoa,Seqha se letsohong la ka se tla lula se betsa.’
21 Batho ba ne ba ’mamela ka hloko,Ba thola ’me ba emela keletso ea ka.+
22 Ka mor’a hore ke bue, ho ne ho se na letho leo ba ka le buang.
Mantsoe a ka a ne a le monate* litsebeng tsa bona.
23 Ba ne ba nkemela joaloka pula,Ba lakatsa seo ke tla se bua joalokaha eka ba emetse pula ea selemo.+
24 Ha ke ne ke ba bososella, ba ne ba sa kholoe.
Ha ba bona sefahleho sa ka ba khothala.*
25 Ke ne ke ba tataisa joalokaha eka ke moeta-pele oa bona,Ke phela joaloka morena har’a masole a hae,+Ke tšelisa batho ba utloileng bohloko.+
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “a le ka tenteng ea ka.”
^ Kapa: “basebeletsi.”
^ Ka Seheberu: “ba ipata.”
^ E leng karolo e ka holimo ea lehano.
^ Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
^ Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”
^ Ka Seheberu: “theohela.”
^ Kapa mohlomong: “Ba ne ba sa time khanya ea sefahleho sa ka.”

