Jobo 18:1-21

  • Bildade o bua ka lekhetlo la bobeli (1-21)

    • O bua ka lintho tse tla etsahalla batho ba khopo (5-20)

    • O re Jobo ha a tsebe Molimo (21)

18  Bildade+ oa Moshuha a re:   “Le tla bua tjee ho fihlela neng? E-bang le kutloisiso e le hore re ka bua.   Ke hobane’ng ha re lokela ho nkoa joaloka liphoofolo,+Le ho nkoa re se na kelello* mahlong a lona?   Leha bohale ba hao bo ka etsa hore u itematse,Na lefatše le tla lahloa ka lebaka la hao,Kapa lefika le tlohe sebakeng sa lona?   Khanya ea motho ea khopo e tla tima,Lelakabe la mollo oa hae le ke ke la khanya.+   Khanya e ka tenteng ea hae e tla fifala,Lebone le holim’a hae le tingoe.   Ha a sa hatela holimo* joaloka pele,Merero ea hae e mo bakela tlokotsi.+   Maoto a hae a tla mo lebisa sefing,O tla tsamaea ka har’a lona.   Sefi se tla mo tšoasa seretheng,Leraba le mo harele.+ 10  O patetsoe thapo mobung,Ho na le leraba tseleng ea hae. 11  Lintho tse mo tšosang, li mo tšosa ka mahlakoreng ’ohle,+Lia mo lelekisa. 12  O felloa ke matla,Koluoa+ e tla etsa hore a thekesele.* 13  Boloetse bo tlala letlalo la hae,Boloetse bo kotsi ka ho fetisisa* bo ja maoto le matsoho a hae. 14  O tlosoa tenteng ea hae e sireletsehileng,+O isoa ho morena ea tšosang.* 15  Batho ba bang ba* tla lula ka tenteng ea hae,Sebabole se tla tlala hohle ka tlung ea hae.+ 16  Metso ea hae e tla omellaLe makala a hae a pone. 17  A ke ke a hlola a hopoloa lefatšeng,Le lebitso la hae le ke ke la tsebahala* seterateng. 18  O tla tlosoa khanyeng a isoe lefifing,A lelekoe naheng e behang. 19  A ke ke a ba le bana le litloholo bathong ba habo,Ha ho na motho ea tla phonyoha sebakeng seo a lulang ho sona.* 20  Ha letsatsi la hae le fihla, batho ba ka Bophirimela ba tla makala,Le batho ba ka Bochabela ba tšohe haholo. 21  Tsena ke lintho tse etsahalang litenteng tsa mofosi,Le sebakeng sa motho ea sa kang a tseba Molimo.”

Linaletsana

Kapa mohlomong: “re sa hloeka.”
Kapa: “Ha a sa namalatsa.”
Kapa: “hlotse.”
Ka Seheberu: “Letsibolo la lefu.”
Kapa: “lefu le tšosang.”
Ka Seheberu: “Ntho eo e seng ea hae e.”
Ka Seheberu: “A ke ke a ba le lebitso.”
Kapa: “sebakeng seo a lulang ho sona ka nakoana.”