Jobo 28:1-28

  • Jobo o bapisa matlotlo a lefatšeng le bohlale (1-28)

    • Boiteko ba motho ba ho fumana matlotlo a tsoang mobung (1-11)

    • Bohlale bo bohlokoa ho feta liperela (18)

    • Ho tšaba Jehova ke ho ba bohlale e le kannete (28)

28  Ho na le sebaka seo silevera e chekoang ho sonaLe sebaka seo ho hloekisoang khauta ho sona.+   Tšepe e fumanoa mobungKoporo eona e fumanoa majoeng.+   Motho o etsa hore ho be le khanya sebakeng se lefifi. O kenella sebakeng se lefifiE le hore a fumane majoe a bohlokoa.   O cheka sekoti hole le moo batho ba lulang teng,Libakeng tse lebetsoeng tse hole le moo batho ba tsamaeang. Batho ba bang ba theohela sekoting seo ba sebelisa lithapo.   Lijo li mela ka holim’a lefatše. Empa ka tlase le senyeha joalokaha eka le senngoa ke mollo.*   Ka tlas’a lona ho na le majoe a safireLe mobu o na le khauta.   Linonyana tse jang nama ha li tsebe tsela e eang moo. Le ’mankholi e motšo ha a e-s’o e bone.   Libata tse kholo ha li e-s’o hate ho eonaLe tau ha e e-s’o ka e tsamaea ho eona.   Motho o pshatla lefika le thataEbile o heletsa lithaba. 10  O bula liforo tsa metsi+ lefikeng. Mahlo a hae a bona lintho tsohle tsa bohlokoa. 11  O koala mehloli ea linokaHape ntho e neng e patiloe o e tlisa khanyeng. 12  Empa bohlale le kutloisiso li ka fumanoa hokae?+ 13  Ha ho na motho ea ka utloisisang bohlokoa ba bona+Le ea ka bo fumanang lefatšeng. 14  Metsi a tebileng a re, ‘Ha bo eo ho ’na.’ Le leoatle le re, ‘Le ’na ha bo eo ho ’na.’+ 15  Ha ho na khauta kapa silevera e ka bo rekang.+ 16  Ha ho na khauta ea Ofire e ka bo rekang+Kapa majoe a bohlokoa a onikse le a safire a ka bo rekang. 17  Ha ho na khauta le khalase e ka bapisoang le bonaKapa sejana sa khauta* se ka bo rekang.+ 18  Likorale le mahakoe ha re sa bua ka tsona+Hobane bohlale ke ba bohlokoa ho feta mokotla o tletseng liperela. 19  Lejoe la topaze+ la Kushe le ke ke la bapisoa le bonaEbile ha ho na khauta e ka bo rekang. 20  Empa bohlale le kutloisiso li ka fumanoa hokae?+ 21  Bo patetsoe lintho tsohle tse phelang+’Me bo patetsoe le linonyana. 22  Lebitla* le lefu li re,‘Re utloetse feela ka bona.’ 23  Ke Molimo ea tsebang tsela ea ho bo fumana. Ke eena feela ea tsebang moo bo lulang+ 24  Kaha o bona moo lefatše le fellangHape o bona lintho tsohle tse lefatšeng.+ 25  Ha a ne a fa moea matla,*+A behela metsi moeli,+ 26  Ha a ne a behela pula molao oa hore na e ne neng+Le hore na maru a lehalima le sefefo li tsamaee hokae,+ 27  O ile a bona bohlale ’me a bo hlalosa. A etsa hore bo be teng a ba a bo leka. 28  Eaba o re ho motho: ‘Batho ba bohlale ke ba tšabang Jehova+Le ba qobang ho etsa lintho tse mpe.’”+

Linaletsana

Ho ka etsahala hore ho buuoa ka mosebetsi o etsoang ’maeneng.
Kapa: “khauta e hloekisitsoeng.”
Ka Seheberu: “Timetso.”
Ka Seheberu: “boima.”