Jobo 21:1-34

  • Jobo oa araba (1-34)

    • ‘Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba atleha?’ (7-13)

    • O bolella batho ba etsang eka ba tl’o mo tšelisa ’nete (27-34)

21  Jobo a re:   “ ’Mameleng ka hlokoKaha seo e tla ba matšeliso ao le mphang ’ona.   ’Mamelleng ha ke bua,Ha ke qetile, le ka ’na la ntšoma.+   Na ho tletleba ha ka ho lebisitsoe ho motho? Haeba ho ne ho le joalo, na nka be ke sa felloa ke mamello?   Nchebeng le be le ’makalle,Le behe matsoho a lona melomong.   Ha ke thola ke nahana, kea tšoenyehaLe ’mele oohle oa ka oa thothomela.   Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba ntse ba phela,+Ba tsofala ebile e ba barui?*+   Ba lula ba e-na le bana ba bonaEbile ba khona le ho bona litloholo tsa bona.   Matlo a bona a sireletsehile, ha ba tšabe.+ Molimo ha a ba otle ka molamu oa hae. 10  Ha ho na mohla lipoho tsa bona li sa emarisengLe likhomo tsa bona lia tsoala ’me ha li folotse.* 11  Bana ba bona ba bashanyana ba matha ka ntle joaloka mohlapeEbile baa tlolaka. 12  Ba bina ba sebelisa moropa o monyenyane le harepaBa natefeloa ke molumo oa lekolilo.*+ 13  Ba qeta matsatsi a bona ba ithabisa. Ba theohela Lebitleng* ka khotso.* 14  Empa ba re ho Molimo oa ’nete, ‘Khaohana le rona! Ha re batle ho tseba litsela tsa hao.+ 15  Ea Matla ’Ohle ke mang hore re mo sebeletse?+ Re tla fumana molemo ofe ka ho mo tseba?’+ 16  Empa kea tseba hore ha ba laole katleho ea bona.+ Ha ke nahane joaloka batho ba khopo.+ 17  Lebone la ba khopo le tima hangata hakae?+ Ba hlaheloa ke tlokotsi hangata hakae? Molimo o ba fa kotlo hangata hakae ka lebaka la bohale ba hae? 18  Na ba ke ba fefoloe ke moea joaloka joang,Ba be joaloka ’moko o fefoloang ke sefefo? 19  Molimo o tla boloka likotlo tsa motho ebe o li khutlisetsa baneng ba hae. Empa e se eka le eena Molimo a ka mo fa kotlo e le hore a ka utloa hore na ho joang.+ 20  E se eka tlokotsi e ka mo tlela a ntse a shebile ’Me e be eena ea utloang* khalefo ea Ea Matla ’Ohle.+ 21  Haeba palo ea likhoeli tsa hae e fokotsoa,*+Na oa tsotella hore na ho tla etsahala’ng ka ba lelapa la hae ka mor’a hore a shoe? 22  Ke mang ea ka rutang Molimo* bohlale+Kaha ke eena ea ahlolang le ba phahameng?+ 23  Motho e mong o shoa a ntse a e-na le matla,+A e-na le khotso ebile a se na mathata,+ 24  Lirope tsa hae li le kholoLe masapo a hae a le matla.* 25  Empa motho e mong o shoa a tšoenyehile,*A sa thabela letho le molemo. 26  Leha ho le joalo, ba tla robala hammoho leroleng+Ba koaheloe ke liboko.*+ 27  Ke tseba hantle hore na le nahanne’ngLe hore na le rerile ho nketsa’ng.*+ 28  Le ntse le re, ‘Ntlo ea motho ea hlomphehang e hokae? Tente eo motho ea khopo a neng a lula ho eona e hokae?’+ 29  Na ha lea botsa batho ba tsamaeang? Na ha le lumele seo ba se buang?* 30  Ba tla le bolella hore motho ea khopo oa pholoha letsatsing la tlokotsiEbile oa pholosoa letsatsing la khalefo. 31  Ke mang ea tla mo bolella hore boitšoaro ba hae ha boa loka? Ke mang ea tla mo fa kotlo ka lebaka la liketso tsa hae? 32  Ha a isoa mabitleng,Lebitla la hae le tla lebeloa. 33  Makote a mobu oa khohlo* a ke ke a mo imela,*+Batho bohle baa mo latela*+Joaloka ba se nang palo ba ileng pele ho eena. 34  Joale ke hobane’ng ha le mpha matšeliso a se nang thuso?+ Likarabo tsa lona ke leshano feela!”

Linaletsana

Kapa: “ba matla.”
Ha namane e hlaha e se e ntse e shoele.
Kapa: “phala.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka motsotsoana” e leng ho shoa kapele motho a sa utloe bohloko.
Ka Seheberu: “noang.”
Kapa: “khaoloa mahareng.”
Kapa: “rutang Molimo ntho leha e le efe.”
Ka Seheberu: “ ’moko oa masapo a hae o mongobo.”
Kapa: “ka moea o bohloko.”
Kapa: “tšenyane.”
Kapa mohlomong: “ho ntoantša.”
Ka Seheberu: “lumele lipontšo.”
Ka Seheberu: “Makote a lefatše a khohlo a tla ba monate ho eena.”
Ka Seheberu: “O tla hula batho bohle hore ba mo latele.”