Jobo 10:1-22

  • Jobo o tsoela pele ho araba (1-22)

    • ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ntoantša?’ (2)

    • Molimo o bapisoa le Jobo (4-12)

    • ‘E se eka nka fumana phomolo’ (20)

10  Ke hloile bophelo ba ka.+ Ke tla ntša bohloko boo ke bo utloang. Ke tla bua ke utloile bohloko!   Ke tla re ho Molimo: ‘U se ke oa phatlalatsa hore ke molato. Mpolelle hore na ke hobane’ng ha u ntoantša.   U fumana molemo ofe ka ho hatellaLe ho hloea mosebetsi oa matsoho a hao+Le ka ho amohela keletso ea ba khopo?   Na u na le mahlo a namaKapa u bona joaloka motho?   Na matsatsi a hao a tšoana le a bathoKapa na lilemo tsa hao li tšoana le tsa batho,+   Hoo u batlang phoso ea kaLe ho sheba sebe sa ka?+   Oa tseba hore ha ke na molato+’Me ha ho na motho ea ka mpholosang letsohong la hao.+   Matsoho a hao a mpopile ebile a nkentse+Empa joale u haufi le ho mphelisa.   Ke kopa u hopole hore u nkentse ka letsopa+Empa joale u batla ho nkhutlisetsa leroleng.+ 10  Na ha oa ka oa nqhala joaloka lebeseLe ho etsa hore ke tiee joaloka chisi? 11  U ile oa nkapesa ka nama le letlalo,Oa nkopanya ka masapo le mesifa.+ 12  U mphile bophelo le lerato*Ebile u ntlhokometse.+ 13  Empa u ile oa rera ho etsa lintho tsena ka sephiri.* Kea tseba hore li tsoa ho uena. 14  Haeba ke entse sebe, u ne u tla mpona,+U ne u ke ke oa ntšoarela ka lebaka la phoso ea ka. 15  Ho malimabe ’na haeba ke molato! Le haeba ha ke na molato, nke ke ka phahamisa hlooho+Hobane ke soabile ebile ke utloile bohloko.+ 16  Ha ke phahamisa hlooho, u ntsoma joaloka tau+U boetse u sebelisa matla a hao ho ’ntša kotsi. 17  U tlisa lipaki tse ncha tse tl’o bua hampe ka ’naEbile u nkhalefela le ho fetaHa mathata a ka a tla a latellana. 18  Ke hobane’ng ha u ile oa etsa hore ke tsoe ka popelong?+ Nka be ke ile ka shoa le pele ho e-ba le motho ea mponang. 19  Nka be ke nkiloe ka ho toba ho tsoa popelong ho ea lebitleng,Ho ne ho tla tšoana leha eka ha kea ka ka ba teng.’ 20  Na matsatsi a ka ha a ’maloa?+ A ke a ntlohele,A ke a tlohele ho ncheba e le hore nka fumana phomolo,*+ 21  Pele ke tsamaea kaha nke ke ka khutla,+Ke ea naheng e lefifi haholo,*+ 22  Naheng ea lefifi le letšo-letšo,Naha e se nang taolo le ea moriti o lefifi,Moo le khanya e leng lefifi.”

Linaletsana

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “O patile lintho tsena ka pelong ea hao.”
Kapa: “hore nke ke thabe hanyenyane.”
Kapa: “e lefifi le moriti oa lefu.”