Jobo 27:1-23
27 Jobo a boela a re:*
2 “Ke hlapanya ka Molimo ea phelang ea ntšoereng ka ho hloka toka+Le ka Ea Matla ’Ohle ea entseng hore ke se ke ka thabela bophelo,+
3 Hafeela ke ntse ke phela,Molimo a mphile matla,+
4 Molomo oa ka o ke ke oa bua lintho tse sa lokangKapa oa bua leshano.
5 Ha ho mohla ke tla re le nepile,Ke tla lula ke tšepahala+ ho fihlela ke shoa.
6 Ke tla lula ke lokile.+
Hafeela ke ntse ke phela, nke ke ka etsa letho le tla etsa hore ke ikutloe ke le molato.*
7 Sera sa ka se ke se fuoe kotlo joaloka batho ba khopoLe batho ba ntlhaselang ba fuoe kotlo joaloka batho ba sa lokang.
8 Motho ea lahlileng Molimo o na le tšepo efe*Ha Molimo a mo felisa?+
9 Na Molimo o tla mo utloa ha a kopa thuso ho eenaNakong eo a nang le mathata?+
10 Na o tla thaba ka lebaka la Ea Matla ’Ohle?
Na o tla kopa thuso ho Molimo ka linako tsohle?
11 Ke tla le ruta hore na Molimo o matla hakae.
Nke ke ka pata letho ka Ea Matla ’Ohle.
12 Haeba kaofela ha lona le bone lipono,Ke hobane’ng ha le bua lintho tse se nang thuso?
13 Molimo o tla fa batho ba khopo lintho tsena+E leng lefa leo Ea Matla ’Ohle a tla le fa batho ba hatellang ba bang:
14 Haeba a e-ba le bara ba bangata, ba tla bolaoa ka sabole.+
Le litloholo tsa hae li ke ke tsa ba le lijo tse lekaneng.
15 Ba phonyohileng ba tla bolaoa ke lefu la seoaLe basali ba bona ba ke ke ba ba llela.
16 Leha a ka bokella silevera habonolo joaloka leroleLe liaparo tse ntle a li bokella joaloka letsopa
17 Leha a ka li bokella,Motho ea lokileng o tla li apara,+Motho ea se nang molato o tla inkela silevera ea hae.
18 Ntlo eo a e hahang e senyeha kapele joaloka ntlo ea tšoele*Le joaloka lephephe+ le entsoeng ke molebeli.
19 O tla robala a ruile empa leruo la hae le tla nyamela.
Etlare ha a tsoha a fumane ho se na letho.
20 O tla tleloa ke tšabo joaloka moroallo.
O tla nkoa ke sefefo bosiu.+
21 Moea o hlahang bochabela o tla mo fefola a nyamele.
O tla mo fefola o mo tlose sebakeng sa hae.+
22 Ha a ntse a leka ho o loantša a batla ho o baleha,+O tla mo lahlela hole ’me o ke ke oa mo utloela bohloko.+
23 O mo opela matsoho’Me o mo letsetsa mololi+ a le sebakeng sa hae.*

