Jobo 34:1-37
34 Elihu a boela a re:
2 “Mamelang mantsoe a ka lona ba bohlale.
’Mameleng lona ba tsebang haholo.
3 Tsebe e hlahloba mantsoe,Joalokaha leleme le latsoa lijo.
4 A re ipatleleng hore na ke’ng e nepahetseng.
A re iketsetseng qeto ea hore na ke’ng e lokileng.
5 Jobo o itse, ‘Ke lokile+Empa Molimo o hlolehile ho nkahlola ka toka.+
6 Na nka bua leshano ka hore na ke lokela ho ahloloa joang?
Ha kea etsa phoso empa leqeba la ka ha le fole.’+
7 Ke mang ea tšoanang le Jobo,Ea mamellang ho songoa habonolo joalokaha eka o noa metsi?
8 Ke motsoalle oa batho ba etsang lintho tse mpeEbile o tloaelane le batho ba khopo.+
9 O itse, ‘Ho leka ho thabisa MolimoHa ho thuse motho ka letho.’+
10 Kahoo, ’mameleng lona banna ba nang le kutloisiso:
Ha se ntho e utloahalang hore Molimo oa ’nete a etse bokhopo+Le hore Ea Matla ’Ohle a etse ntho e fosahetseng!+
11 O tla fa motho moputso o mo tšoanelang,+A etse hore a kotule seo a se jetseng.
12 Kannete Molimo ha a etse bokhopo,+Ea Matla ’Ohle ha a ahlole ka ho hloka toka.+
13 Ke mang ea mo fileng matla a hore a buse lefatšeLe hore a hlokomele lintho tsohle tse lefatšeng?
14 Haeba a ne a sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e etsangEbile a ba amoha moea o phelisang+
15 Batho bohle ba ne ba tla shoa,Ba khutlele leroleng.+
16 Haeba u na le kutloisiso, ’mamele ka hloko.
Mamela seo ke se buang.
17 Na motho ea hloileng toka a ka busaKapa na u ka re ’musi ea lokileng o molato?
18 Na u ka re ho morena, ‘Ha u na thuso,’Kapa ho bahlomphehi, ‘Le khopo’?+
19 Molimo ha a rate likhosana ho feta batho ba bang,Ha a rate barui ho feta bafutsana*+Hobane kaofela ba bopiloe ke eena.+
20 Ba ka ’na ba shoa ka ho panya ha leihlo,+Har’a mpa ea bosiu.+
Ba thothomela haholo ’me baa shoa, ba matla le bona baa felisoa empa ha ba felisoe ke batho.+
21 Molimo o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a e etsang+Le mehato eohle ea hae.
22 Ha ho na lefifi kapa moriti o lefifiOo batho ba etsang lintho tse mpe ba ka ipatang ho oona.+
23 Molimo ha a behela motho leha e le ofeNako ea hore a tle ka pel’a hae e le hore a mo ahlole.
24 O felisa ba matla ho sa hlokahale hore a etse lipatlisisoEbe o beha ba bang sebakeng sa bona.+
25 O tseba lintho tseo ba li etsang.+
Bosiu oa ba hlola ’me a ba felise.+
26 O ba otlela lintho tse mpe tseo ba li etsangMoo batho bohle ba bonang+
27 Hobane ba tlohetse ho mo latela+Ebile ha ba na taba le litaelo tsa hae.+
28 Ba etsa hore batho ba futsanehileng ba llele ho Molimo,Hoo a khonang ho utloa sello sa ba sa khoneng ho itšireletsa.+
29 Ha Molimo a khetha ho thola, ke mang ea ka mo qosang?
Ha a pata sefahleho sa hae, ke mang ea ka mo bonang?
Ebang o se patela motho kapa sechaba, hoa tšoana.
30 Molimo ha a lumelle motho ea mo lahlileng* hore a buse+Kapa a khelose batho.
31 Na ho na le motho ea ka reng ho Molimo,‘Ke fuoe kotlo le hoja ke sa etsa letho le lebe,+
32 Nthute lintho tseo ke sa khoneng ho li bona,Haeba ho e-na le phoso eo ke e entseng, nke ke ka e etsa hape’?
33 Na u lebeletse hore Molimo a u etsetse se molemo empa u sa mamele litaelo tsa hae?
Ke uena ea lokelang ho iketsetsa qeto, eseng ’na.
Joale mpolelle seo u se tsebang.
34 Banna ba nang le kutloisiso le banna ba bohlale ba ’mametsengBa tla re ho ’na,
35 ‘Jobo o bua lintho tseo a sa li tsebeng+Le tse sa utloahaleng.’
36 Jobo a ke a lekoe* ka hohle-hohleHobane o buile joaloka batho ba khopo.
37 O eketsa libe tsa hae ka hore a fetohele Molimo,+O re phoqa ka ho opa matsoho ka pel’a ronaEbile o bua lintho tse ngata tse qosang Molimo oa ’nete.”+

