Jobo 13:1-28

  • Jobo o tsoela pele ho araba (1-28)

    • ‘Nka mpa ka bua le Molimo’ (3)

    • “Le lingaka tse se nang thuso” (4)

    • “Kea tseba hore ha ke na molato” (18)

    • Oa botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a mo nka e le sera sa hae (24)

13  Leihlo la ka le bone lintho tsena tsohle,Tsebe ea ka ea li utloa ’me ea li utloisisa.   Seo le se tsebang le ’na kea se tseba,Ha ke tlase ho lona.   Empa ’na nka mpa ka bua le Ea Matla ’Ohle,Ke batla ho ipuella ho Molimo.+   Empa le mphara ka mashano,Kaofela ha lona le lingaka tse se nang thuso.+   Haeba le ne le ka itholela feela,Le ne le tla be le bontša hore le bohlale.+   Ke kopa le mamele maikutlo a ka,’Me le ele hloko likopo tsa ka.   Na le tla bua lintho tse sa lokang le sebelisa lebitso la Molimo,Le ho bua leshano ka lebitso la hae?   Na le tla ba ka lehlakoreng la hae,*Le leke ho loanela Molimo oa ’nete?   Na ha Molimo a ka le hlahloba o ne a tla fumana le lokile?+ Na le tla mo thetsa joalokaha le thetsa batho? 10  Haeba le ka leka ho bontša leeme* sephiring,Kannete o tla le khalemela.+ 11  Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha le tšosa,Na le ke ke la tšoha ka lebaka la hae? 12  Mantsoe a lona a bohlale* a fetohile maele a se nang thuso joaloka molora,Likarabo tsa lona ha li na thuso joaloka lithebe tse entsoeng ka letsopa. 13  Tholang e le hore nka bua. Le tlohele eng kapa eng hore e nketsahalle! 14  Ke hobane’ng ha ke ipeha kotsing*’Me ke bapala ka bophelo ba ka? 15  Leha a ka mpolaea, ke tla leta.+ Ke tla emela taba ea ka ka pel’a hae. 16  Joale e ne e tla ba mopholosi oa ka,+Hobane ha ho na mokoenehi* ea ka tlang ka pel’a hae.+ 17  ’Mameleng ka hloko,Le ele hloko seo ke se buang. 18  Joale ke hlophisitse nyeoe ea ka,Kea tseba hore ha ke na molato. 19  Ke mang ea tla loantšana le ’na? Ke ne ke tla shoa haeba nka thola!* 20  Molimo oa ka, ke kopa lintho tse peli feela*E le hore ke se ke ka ipatela uena: 21  Tlosa letsoho la hao le boima holim’a ka,’Me u se ke oa etsa hore ke u tšabe.+ 22  Mpitse ’me ke tla u araba,Kapa u ntumelle hore ke bue ’me u nkarabe. 23  Ke entse libe le liphoso life? Mpolelle phoso ea ka le sebe sa ka. 24  Ke hobane’ng ha u mpatela sefahleho sa hao+Ebile u nka hore ke sera sa hao?+ 25  Na u tla tšosa lekhasi le fefotsoeng ke moea,Kapa u lelekise litlhaka tse omeletseng? 26  U ntse u ngola liqoso tse bohloko ka ’na’Me u etsa hore ke arabelle libe tsa bocheng ba ka. 27  Oa nkahlola,*U sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang’Me u batlana le mehato eohle ea ka. 28  Motho* o bola joaloka ntho e senyehileng,Joaloka seaparo se jeoeng ke tšoele.*

Linaletsana

Kapa: “le tla mo tšoara ka leeme.”
Kapa: “khethollo.”
Kapa: “a hopolehang.”
Ka Seheberu: “Ke hobane’ng ha ke tšoara nama ea ka ka meno.”
Kapa: “ea lahlileng Molimo.”
Kapa mohlomong: “Haeba ho e-na le motho ea tla khona, ke tla thola ’me ke shoe.”
Ka Seheberu: “U se ke oa nketsa lintho tse peli feela.”
Mohlomong ho buuoa ka Jobo.
Kapa: “ ’moto.”