Jobo 16:1-22

  • Jobo oa araba (1-22)

    • “Le batšelisi ba likhathatso!” (2)

    • O re Molimo o ikemiselitse ho mo hlasela (12)

16  Jobo a re:  2  “Nkile ka utloa lintho tse ngata tse tšoanang le tsena. Kaofela ha lona le batšelisi ba likhathatso!+  3  Le tla qeta neng ho bua mantsoe aa a se nang thuso? Ke’ng e etsang hore le bue ka tsela ee?  4  Le ’na ke ne nka bua joaloka lona. Haeba le ne le le boemong ba ka,Ke ne nka bua lintho tse ngata tse le hanyetsang’Me ka le sisinyetsa hlooho.+  5  Ho e-na le hoo, ke ne ke tla bua mantsoe a le khothatsang,’Me matšeliso a ka a ne a tla le khatholla.+  6  Ebang kea bua, bohloko ba ka ha bo kokobele,+Leha ke thotse ha bo fokotsehe.  7  Empa Molimo o entse hore ke felloe ke matla,+O felisitse lelapa lohle la ka.  8  U boetse oa ntšoara ’me boemo boo ke leng ho bona ke bopaki ba seo,Kahoo, ho ota ha ka ho paka seo.  9  Khalefo ea hae e nthobile likoto ’me o ntlhoile.+ O ntsikitlanyetsa meno. Sera sa ka se nchebile hampe.+ 10  Ba buile lintho tse mpe ka ’na,+Hape ba ntelletse ka hore ba nkotle marameng,Ba ntlhasela ba le bangata.+ 11  Molimo o fana ka ’na ho bashanyana,O ntahlela matsohong a ba khopo.+ 12  Ke ne ke se na mathata empa a nthuhakanya,+A ntšoara ka morao molaleng eaba o nthoba likoto,O ikemiselitse ho ntlhasela. 13  Batho ba hae ba betsang metsu ba mpota-potile,+O arola liphio tsa ka+ a se na qenehelo,O qhalla nyooko ea ka fatše. 14  O ntse a mphunya masoba-soba,O mathela ho ’na joaloka lesole. 15  Ke rokile lesela le hoashang* e le hore ke koahele letlalo la ka,+’Me ke patile seriti* sa ka leroleng.+ 16  Sefahleho sa ka se retetse ke ho lla,+’Me mahlo a ka a aparetsoe ke lefifi,* 17  Le hoja ke sa lematsa motho,Le thapelo ea ka e hloekile. 18  Uena lefatše, u se ke oa koahela mali a ka!+A tlohele hore a lle molemong oa ka! 19  Paki ea ka e maholimong,Ea ka mpakelang o sebakeng se phahameng. 20  Metsoalle ea ka ea ntšoma+Joale ke llela ho Molimo.+ 21  Ho ke ho be le moahloli pakeng tsa motho le Molimo,Joalokaha a le teng pakeng tsa batho ba babeli.+ 22  Ke saletsoe ke lilemo tse fokolang,Ke tl’o tsamaea ’me nke ke ka hlola ke khutla.+

Linaletsana

^ Kapa: “matla.” Ka Seheberu: “lenaka.”
^ Kapa: “moriti oa lefu.”