Jobo 4:1-21
4 Elifaze+ Motemane a araba a re:
2 “Haeba motho a leka ho bua le uena, na u tla tepella?Empa ke mang ea khonang ho thibela mantsoe?
3 Bona! U khalemetse ba bangata,+U matlafalitse matsoho a fokolang.+
4 Mang kapa mang ea khoptjoang, mantsoe a hao a ne a mo emisa;+U ne u tiisa mangole a tetemang.+
5 Empa lekhetlong lena ho tla ho uena, ’me ua tepella;Hoa u ama, ’me ua khathatseha.
6 Na tlhompho ea hao ea borapeli hase oona motheo oa kholiseho ea hao?Na tšepo ea hao hase botšepehi+ ba litsela tsa hao?
7 Ka kōpo, hopola: Ke mang ea hlokang molato ea kileng a timela?Ke hokae moo ba lokileng+ ba kileng ba felisoa?
8 Ho ea ka seo ke se boneng, ba rerang se kotsiLe ba jalang khathatso ba tla e kotula.+
9 Ka phefumoloho ea Molimo baa timela,Ka moea oa bohale ba hae baa fela.
10 Tau ea puruma, ’me ho na le lentsoe la taoana,Empa meno a litaoana tse moetse aa robeha.
11 Tau ea timela kahobane ho se na phofu,Malinyane a tau aa arohanngoa.
12 Joale ka tlisetsoa lentsoe ka lenyele,Tsebe ea ka ea le utloa le hoeshetsoa,+
13 Ka menahano e hlokisang botsitso ea lipono tsa bosiu,Ha boroko bo tebileng bo oela batho holimo.
14 Tšabo ea nkaparela, le ho thothomela,Ea tlatsa tšabo masapong a ka a mangata.
15 Moea oa qala ho feta sefahlehong sa ka;Moriri oa ’mele oa ka oa qala ho baleha.
16 Oa qala ho ema,Empa ha kea ka ka hlokomela ponahalo ea oona;Sebōpeho se ne se le ka pel’a mahlo a ka;Ho ne ho e-na le khutso, joale ka utloa lentsoe:
17 ‘Motho ea shoang—na a ka ba le toka ho feta Molimo?Kapa na monna ea shahlileng a ka hloeka ho feta Moetsi oa hae?’
18 Bona! Ha a na tumelo ho bahlanka ba hae,O qosa manģosa a hae ka hore a molato.
19 Ho joalo hakaakang ka ba lulang ka matlung a mobu,Bao motheo oa bona o leng lerōleng!+Motho o ba silakanya kapele ho feta tšoèlè.
20 Ba silakanngoa ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea;Ba timela ka ho sa feleng ho se na mang kapa mang ea ho tebisetsang pelong.
21 Na thapo ea bona ea tente e ka hare ho bona ha ea motsuloa?Ba shoa ka lebaka la ho haelloa ke bohlale.

