Jobo 10:1-22
10 “Ka sebele moea oa ka o nyonya bophelo+ ba ka.Ke tla bonahatsa ho tšoenyeha ha ka ka ’na.Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!
2 Ke tla re ho Molimo, ‘U se ke ua phatlalatsa hore ke khopo.Ntsebise hore na ke hobane’ng ha u tsekisana le ’na.
3 Na ke ntho e ntle hore u etse se fosahetseng,+Hore u lahle sehlahisoa sa mosebetsi o boima oa matsoho+ a hao,Le hore u khanyetse keletso ea ba khopo?
4 Na u na le mahlo+ a nama,Kapa u bona joalokaha motho ea shoang a bona?+
5 Na matsatsi a hao a joaloka matsatsi a motho ea shoang,+Kapa lilemo tsa hao li joaloka matsatsi a monna ea shahlileng,
6 E le hore u ka leka ho fumana phoso ea kaU ’ne u batle sebe sa ka?+
7 U entse sena ho sa tsotellehe ho tseba ha hao hore ha kea fosa,+Ha ho ea lopollang letsohong la hao?+
8 Matsoho a hao a mpōpile hoo a nkentseng+Ho pota-pota ka hohle, leha ho le joalo u ka be u ’metsitse.
9 Ka kōpo, hopola hore u nkentse ka letsopa+U tla nkhutlisetsa lerōleng.+
10 Na ha ua ka ua nqhala joaloka lebeseUa etsa hore ke tiee joaloka chisi?+
11 U ile ua nkapesa letlalo le namaUa ntoha ka masapo le mesifa.+
12 U mphile bophelo le mosa o lerato;+Tlhokomelo+ ea hao e lebetse moea oa ka.
13 U patile lintho tsena ka pelong ea hao.Ke tseba hantle hore lintho tsena li ho uena.
14 Haeba ke entse sebe ’me u ’nile ua ntalima+Ha u nkuke ke le ea hlokang molato+ phosong ea ka;
15 Haeba ke fositse, ho malimabe ’na!+Haeba ke nepile, nke ke ka phahamisa hlooho,+Ke khotše ho hlompholoha ’me ke tletse mahloreho.+
16 Haeba e etsa ka boikhohomoso,+ u tla ntsoma joaloka taoana,+U tla boela u iponahatse u le ea hlollang tabeng ea ka.
17 U tla hlahisa lipaki tsa hao tse ncha ka pel’a ka,U tla etsa hore khalefo ea hao ho ’na e be khōlō;Tsietsi e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe e ho ’na.
18 Kahoo ke hobane’ng ha u ile ua ’ntša ka pōpelong?+Nka be ke timetse, e le hore ho se ke ha e-ba le leihlo le ka mponang,
19 Nka be ke bile moo joalokaha eka ke ne ke e-s’o be teng;Ho tsoa ka mpeng nka be ke isitsoe sebakeng sa lepato.’
20 Na matsatsi a ka ha a ’maloa?+ A ke a tlohe,A ke a tlohele ho ntalima, e le hore nka hlasimoloha+ hanyenyane
21 Pele ke tloha—’me nke ke ka khutla+—Ho ea naheng ea botšo le moriti o lefifi,+
22 Ho ea naheng ea ho fifala ho joaloka botšo, ea moriti o lefifiLe ho hloka taolo, moo ho sa khanyeng joalokaha botšo bo sa khanye.”

