Jobo 25:1-6

25  Bildade+ Moshuha a araba a re:  2  “Bobusi le ho tšabeha li ho eena;+O etsa khotso libakeng tsa hae tse phahameng.  3  Na lihlopha tsa hae tsa masole li na le palo?Ke bo-mang bao leseli la hae le sa ba khantšetseng?  4  Kahoo motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang ka pel’a Molimo,+Kapa motho ea tsoetsoeng ke mosali e ka ba ea hloekileng joang?+  5  Bona! Ho na le khoeli, ’me ha e khanye;Linaleli ha lia hloeka mahlong a hae.  6  Ho joalo hakaakang ka motho ea shoang, eo e leng tšenyane,Le mora oa motho, eo e leng sebōkō!”+

Linaletsana