Jobo 13:1-28
13 “Bonang! Leihlo la ka le bone sena sohle,Tsebe ea ka e se utloile ’me ea se nahana.
2 Seo le se tsebang le ’na kea se tseba;Ha ke tlaasana ho lōna.+
3 Leha ho le joalo, ke ne ke tla bua le Ea Matla ’Ohle,+Ke ne ke tla khahloa ke ho phehisana le Molimo.
4 Ka lehlakoreng le leng, lōna le ba netang ka leshano;+Kaofela ha lōna le lingaka tsa lefeela.+
5 Hoja le ne le ka khutsa ka ho feletseng,E le hore e ka ba bohlale ho lōna!+
6 Ka kōpo, utloang likhanyetso tsa ka,+Le ele hloko likōpo tse tiileng tsa molomo oa ka.
7 Na le tla bua ho se loke bakeng sa Molimo,Na le tla bua thetso+ bakeng sa hae?
8 Na le tla mo tšoara ka leeme,+Kapa na le tla tseka molaong bakeng sa Molimo oa ’nete?
9 Na ho ne ho tla ba hotle hore a le botse?+Kapa na le tla mo etsetsa mano joalokaha motho a etsetsa motho ea shoang mano?
10 Ka sebele o tla le khalemela+Haeba le leka ho bontša leeme+ ka sephiring;
11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha etsa hore le qale ho tšoha,Le mo tšabe?+
12 Lipolelo tsa lōna tse hopolehang ke maele a molora;Mepopotlo ea lithebe tsa lōna e joaloka mepopotlo ea lithebe tsa letsopa.+
13 Khutsang ka pel’a ka, e le hore nka bua.Joale nke ke etsahalloe ke eng kapa eng!
14 Ke hobane’ng ha ke tšoara nama ea ka ka menoKe beha moea oa ka seatleng+ sa ka?
15 Esita leha a ka mpolaea, na ke ne nke ke ka leta?+Ke ne ke tla pheha khang feela ka pel’a sefahleho sa hae bakeng sa litsela tsa ka.
16 E ne e tla boela e be poloko ea ka,+Etsoe ha ho mokoenehi ea tla kena ka pel’a hae.+
17 Utloang lentsoe la ka ka ho hlaka,+Polelo ea ka e be litsebeng tsa lōna.
18 Bonang! Ka kōpo, ke hlahisitse nyeoe ea toka;+Ke tseba hantle hore ke nepile.
19 Ke mang ea tla tsekisana le ’na?+Etsoe joale ha ke ne nka khutsa nka be ke shoele!
20 U se ke ua nketsa lintho tse peli feela;Tabeng eo nke ke ka ipata ka lebaka la hao feela;+
21 Suthisetsa letsoho la hao hōle le ’na,Ho u tšaba—e se eka ho ke ke ha ntšosa.+
22 Hooa e le hore nka araba;Kapa ke bue, ’me u nkarabe.
23 Ke ka tsela efe ke nang le liphoso le libe?Ntsebise bofetoheli ba ka le sebe sa ka.
24 Ke hobane’ng ha u pata sefahleho+ sa haoU nkuka ke le sera sa hao?+
25 Na u tla etsa hore lekhasi le fefoloang ke moea le tsukutlehe,Kapa u ’ne u lelekise litlhaka tse omeletseng?
26 Etsoe u ntse u ’ngolla lintho tse bohloko+U etsa hore ke fumane liphello tsa liphoso tsa bocha+ ba ka.
27 U boetse u boloka maoto a ka a kentsoe metšoasong,+U lebela litsela tsohle tsa ka;U tšoaea mola oa hao bakeng sa bohato ba maoto a ka.
28 O joaloka ho hong ho bolileng ho felang;+Joaloka seaparo seo tšoèlè e se jang.+

