Jobo 28:1-28
28 “Ka sebele, ho na le sebaka seo silevera e fumanoang ho sonaLe sebaka sa khauta eo ba e hloekisang;+
2 Tšepe e nkoa lerōleng+Koporo e ntse e tšolloa lejoeng.
3 O behile bofelo ba lefifi;Ho isa pheletsong e ’ngoe le e ’ngoe o batlisisa+Lejoe botšong le moriting o lefifi.
4 O chekile sekoti hōle le moo batho ba lulang e le bajaki,+Libakeng tse lebetsoeng tse hōle le leoto;Ba bang ba batho ba shoang ba theohile, ba leketlile.
5 Ha e le lefatše, lijo li tsoa ho lona;+Empa ka tlas’a lona, le phethotsoe joalokaha eka ke ka mollo.
6 Majoe a lona ke sebaka sa safire,+Le na le lerōle la khauta.
7 Tsela—ha ho nonyana e jang nama+ e e tsebileng,Leha e le hore leihlo la ’mankholi e motšo+ le e bone.
8 Libata tse khōlō ha lia e hatakela hore e tiee;Taoana ha ea tsamaea ho eona.
9 O otlolletse letsoho la hae holim ’a lejoe le thata;O lihile lithaba ho tloha metsong ea tsona;
10 O etselitse likoti tse tletseng metsi likotopo tse kenang mafikeng,+Leihlo la hae le bone lintho tsohle tsa bohlokoa.
11 O thibile+ libaka tseo linōka li phallang ho tsona,O tlisa ntho e patiloeng leseling.
12 Empa bohlale—bo ka fumanoa hokae,+Joale, sebaka sa kutloisiso se hokae?
13 Motho ea shoang ha a tsebe bohlokoa ba bona,+Ha bo fumanoe lefatšeng la ba phelang.
14 Boliba bo itse,‘Ha bo eo ho ’na!’Le leoatle le itse, ‘Ha bo eo ho ’na!’+
15 Ho ke ke ha fanoa ka khauta e hloekileng e le phapanyetsano bakeng sa bona,+Silevera e ke ke ea bekhoa e le tefello ea bona.
16 Bo ke ke ba lefelloa ka khauta ea Ofire,+Ka lejoe la onyxe le fumanehang ka seoelo le safire.
17 Khauta le khalase li ke ke tsa bapisoa le bona,Leha e le hore sejana sefe kapa sefe sa khauta e hloekisitsoeng ke phapanyetsano ea bona.
18 Korale+ le kristale ea lejoe li ke ke tsa boleloa,Empa mokotla o tletseng bohlale ke oa bohlokoa ho feta o tletseng liperela.+
19 Topaze+ ea Kushe e ke ke ea bapisoa le bona;Bo ke ke ba lefelloa ka khauta e hloekileng.
20 Empa bohlale—bo tsoa hokae,+Joale, sebaka sa kutloisiso se hokae?
21 Bo patetsoe mahlo a e mong le e mong ea phelang,+Bo patetsoe libōpuoa tse fofang tsa maholimo.
22 Timetso le lefu li itse,‘Re utloile tlaleho ea bona ka litsebe tsa rōna.’
23 Molimo ke Eena ea utloisisitseng tsela ea bona,+O tsebile sebaka sa bona,
24 Etsoe o talima lipheletso tsa lefatše;+O bona tlas’a maholimo ’ohle,
25 E le ho etsetsa moea+ boima,Ha a ntse a lekantse metsi ka tekanyo;+
26 Ha a etsetsa pula molao oa tsamaiso,+Le tsela bakeng sa maru a sefefo a sealuma,
27 Joale o ile a bona bohlale ’me a bua ka bona;A bo lokisa ’me a boela a bo phenya.
28 A tsoela pele ho re ho motho,‘Bona! Ho tšaba Jehova—ke bohlale,+Ho furalla bobe ke kutloisiso.’”+

