Jobo 29:1-25
29 Jobo a boela a bua polelo ea hae ea maele ’me a tsoela pele ho re:
2 “Hoja ke ne ke le joaloka likhoeling tsa khale,+Joaloka matsatsing a ha Molimo a ntebetse;+
3 Ha a etsa hore lebone la hae le khanyetse hlooho ea ka,Ha ke ne ke tsamaea lefifing ka leseli la hae;+
4 Feela joalokaha ke ne ke le matsatsing a bocha+ ba ka,Ha kamano e haufi-ufi le Molimo e ne e le tenteng ea ka;+
5 Ha Ea Matla ’Ohle a ne a sa ntse a e-na le ’na,Ha bahlanka ba ka ba mpota-potile ka hohle!
6 Ha ke ne ke hlatsoa mehato ea ka ka sereleli,Lefika le ntse le ntšollela melapo ea oli;+
7 Ha ke e-ea hekeng ea motse,+Ke ne ke lokisa setulo sa ka lepatlelong!+
8 Bashanyana ba ile ba mpona ’me ba ipata,Esita le ba hōlileng ba phahama, ba ema.+
9 Likhosana tsa thiba mantsoe,Li ne li beha matsoho melomong.+
10 Mantsoe a baeta-pele a ile a patoa,Maleme a bona a khomarela mahalapeng.+
11 Etsoe tsebe e ile ea mamela ’me ea phatlalatsa hore ke thabile,Leihlo la bona eaba lea mpakela.
12 Etsoe ke ne ke pholosa ea hlorileng ea hoeletsang ho kōpa thuso,+Le moshanyana ea se nang ntate le mang kapa mang ea neng a se na mothusi.+
13 Tlhohonolofatso+ ea ea leng lekhatheng la ho timela—e ne e tla holim ’a ka,Ke ne ke nyakallisa pelo ea mohlolohali.+
14 Ka apara ho loka, ’me e ne e le liaparo+ tsa ka.Toka ea ka e ne e le joaloka seaparo se se nang matsoho—le tuku.
15 Ka ba mahlo a sefofu;+Ka ba maoto a ea holofetseng.
16 Ke ne ke le ntate oa sebele ho mafutsana;+Nyeoe ea eo ke sa mo tsebeng—ke ne ke e hlahloba.+
17 Ke ne ke roba mofosi masapo a mohlahare,+Ke ne ke ntša phofu menong a hae.
18 Ke ne ke re, ‘Ke tla shoella+ sehlaheng sa ka,Ke tla atisa matsatsi+ a ka joaloka lehlabathe.
19 Motso oa ka o buletsoe metsi,+Phoka e tla hlola bosiu holim ’a lekala la ka.
20 Thoriso ea ka e ncha ho ’na,Seqha sa ka se leng letsohong la ka se tla fula khafetsa.’
21 Ba ile ba ’mamela; ’me ba leta,Ba ne ba khutsa bakeng sa keletso+ ea ka.
22 Ba ne ba sa bue hape ka mor’a lentsoe la ka,Lentsoe la ka le ne le rothela+ holim ’a bona.
23 Ba ile ba leta bakeng sa ka joalokaha eka ke bakeng sa pula,+Ba ahlamisa melomo bakeng sa pula ea selemo.+
24 Ke ne ke ba bososella—ba ne ba sa lumele—Leseli la sefahleho+ sa ka ba ne ba sa le fetole masoabi.
25 Ke ne ke ba khethela tsela, ’me ke ne ke lula ke le hlooho;Ka lula ke le morena har’a lihlopha tsa hae tsa masole,+Joaloka ea tšelisang ba siameng.+

