Jobo 26:1-14

26  Jobo a araba a re:  2  “Le bile thuso e kaakang ho ea se nang matla!Le pholositse letsoho le se nang matla hakaakang!+  3  Le elelitse ea se nang bohlale hakaakang,+Le tsebisitse letšoele bohlale bo sebetsang!  4  Ke mang eo le mo boleletseng mantsoe,Ke phefumoloho ea mang e tsoileng ho lōna?  5  Ba se nang matla lefung ba ntse ba thothomelaKa tlas’a metsi le ba lulang ho ’ona.+  6  Sheole e hlobotse ka pel’a hae,+Sebaka sa timetso ha sea koaheloa.  7  O otlolla leboea holim ’a sebaka se feela,+O leketlisa lefatše holim ’a lefeela;  8  O phuthela metsi ka maru+ a hae,E le hore leru le se ke la petsoha ka tlas’a ’ona;  9  O koahela karolo e ka pele ea terone,O ala leru+ la hae holim ’a eona. 10  O entse selika-likoe holim ’a metsi,+Moo leseli le fellang teng ka lefifi. 11  Litšiea tsa leholimo lia sisinyeha,Li maketse ka lebaka la khalemelo ea hae e matla. 12  O fuluhile leoatle ka matla a hae,+Ka kutloisiso ea hae o robile mohlaseli+ likoto.+ 13  O bentšitse leholimo ka moea oa hae,+Letsoho la hae le hlabile noha e lelemelang.+ 14  Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae,+Ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena!Empa ke mang ea ka bontšang kutloisiso ka sealuma sa hae se matla?”+

Linaletsana