Jobo 11:1-20
11 Tsofare Monaama+ a araba a re:
2 “Na mantsoe a mangata a ke ke a arajoa,Kapa moithorisi e tla ba ea nepileng?
3 Na puo ea hao ea lefeela e tla khutsisa batho,Na u tla ’ne u ba fetole litšeho ho se mang kapa mang ea u khalemelang ka matla?+
4 Hape, u re, ‘Taeo+ ea ka e hloekile,Ka sebele ke hloekile+ mahlong a hao.’
5 Empa leha ho le joalo hoja Molimo o ne a ka buaA ahlamisa molomo oa hae ho uena!+
6 Joale o ne a tla u bolella liphiri tsa bohlale,Etsoe lintho tsa bohlale bo sebetsang li ngata.Hape, u ne u tla tseba hore Molimo o lumella hore u leballoe tse ling tsa liphoso tsa hao.+
7 Na u ka fumana lintho tse tebileng tsa Molimo,+Kapa na u ka fumana pheletso ea Ea Matla ’Ohle?
8 Bo phahame ho feta leholimo. U ka finyella eng?Bo tebile ho feta Sheole.+ U ka tseba eng?
9 Bo bolelele ho feta lefatše ka tekanyo,Bo pharaletse ho feta leoatle.
10 Haeba a fetela pele ’me a nehelana ka mothoA bitsa lekhotla, joale ke mang ea ka mo hanyetsang?
11 Etsoe o tseba batho ba se nang ’nete.+Ha a bona se kotsi, na a ke ke a boela a iponahatsa e le ea elang hloko?
12 Esita le motho ea se nang kelello o tla fumana tšusumetso e ntleHang ha qoaha e kang esele e ka tsoaloa e le motho.
13 Ka sebele haeba u ka lokisa pelo ea haoUa otlollela matsoho a hao ho eena,+
14 Haeba se kotsi se le ka letsohong la hao, se suthisetse hōle,Ho se loke ho se ke ha lula ka litenteng tsa hao.
15 Etsoe joale u tla phahamisa sefahleho sa hao u se na sekoli+Ka sebele u tla tiea, ’me u ke ke ua tšaba.
16 Etsoe uena—u tla lebala khathatso;U tla e hopola joaloka metsi a fetetseng pele.
17 Nako ea hao ea bophelo+ e tla hlaha e khanya ho feta motšehare;Lefifi le tla ba joaloka hoseng.+
18 U tla tlameha ho tšepa kahobane ho na le tšepo;Ka sebele u tla qamaka ka hloko—u tla robala+ u sireletsehile.
19 Ruri u tla ikotlolla, ho se ea etsang hore u thothomele.Ka sebele batho ba bangata ba tla etsa hore u be le boikutlo bo bonolo;+
20 Mahlo a ba khopo a tla felloa ke matla;+Sebaka seo ho baleheloang ho sona se tla timela,+Tšepo ea bona e tla ba ho shoa ha moea.”+

