Jobo 24:1-25
24 “Ke hobane’ng ha Ea Matla ’Ohle a sa boloka linako,+Ba mo tsebang ba sa bona matsatsi a hae?+
2 Ho na le ba chechisang matšoao a moeli;+Ba hloibitse mohlape, e le hore ba ka o lisa.
3 Ba leleka esele e tona ea bashanyana ba se nang bo-ntate;Ba nka poho ea mohlolohali e le tebeletso.+
4 Ba khelosa mafutsana tseleng;+Ka nako e tšoanang ba hlorileng ba lefatše ba lutse ba ipatile.
5 Bonang! Joaloka liqoaha+ lefeellengBa ile mosebetsing oa bona, ba batla lijo.Thota ea lehoatata e fa e mong le e mong bohobe bakeng sa bashanyana.
6 Ba kotula furu ea eona tšimong,Ba tlatlapa ka potlako serapa sa morara sa ea khopo.
7 Ba hlola bosiu ba se na seaparo, ba hlobotse,+Ba sa apara letho serameng.+
8 Ba kolobisoa ke pula ea lithaba e nang ka sefefo,Ba lokela ho tseparela lefika kahobane ho se na tšireletso.+
9 Ba hloibila moshanyana ea se nang ntate letsoeleng,+Se leng ho ea hlorileng ba se nka e le tebeletso.+
10 Ba lokela ho tsamaea ba se na liaparo, ba hlobotse,Ba lokela ho jara liqoapi tse kotutsoeng, ba lapile.+
11 Ba hlola motšehare pakeng tsa marako a entseng mathule;Ba lokela ho hatakela lihatelo tsa veine, leha ho le joalo ba nyoriloe.+
12 Ba shoang ba ntse ba bobola motseng,Meea ea ba ntšitsoeng maqeba a bolaeang e hoeletsa ho kōpa thuso;+Molimo ha a e nke e le ntho leha e le efe e sa tšoanelang.+
13 Ha e le bona, ba ne ba le har’a ba fetohelang leseli;+Ha baa ka ba hlokomela litsela tsa lona,Ha baa ka ba lula litseleng tsa lona.
14 ’Molai o tsoha ka meso,O bolaea ea hlorileng le ea futsanehileng;+Bosiu o fetoha lesholu le tloaelehileng.+
15 Ha e le leihlo la mofebi,+ le lebeletse lefifi la shoalane,+Le re, ‘Ha ho leihlo le tla mpona!’+O ikoahela sefahleho ka lesira.
16 O thuha matlo lefifing;Ba lula ba inotleletse motšehare.Ha ba tsebe khanya ea motšehare.+
17 Etsoe hoseng ho tšoana le moriti o lefifi+ ho bona,Etsoe ba hlokomela seo matšabeho a tšohanyetso a moriti o lefifi a leng sona.
18 O lebelo holim ’a metsi.Tšimo ea bona e tla rohakoa lefatšeng.+A ke ke a retelehela tseleng ea lirapa tsa morara.
19 Komello, le mocheso, li hloibila metsi a lehloa;Le Sheole e etsa joalo ho ba entseng sebe!+
20 Pōpelo e tla mo lebala, tšenyane e tla mo momona hamonate,+Ha a sa tla hlola a hopoloa.+Ho se loke ho tla robeha joaloka sefate.+
21 O ba le litšebelisano le nyopa e sa beleheng,Le mohlolohali,+ ea sa mo etsetseng se molemo.
22 Ka sebele o tla hula batho ba matla ka matla a hae;O tla phahama ’me a se ke a tiiseha ka bophelo ba hae.
23 O tla mo lumella hore a kholisehe+ e le hore a ka itšehetsa;Mahlo a hae a tla ba holim ’a litsela tsa bona.+
24 Ba phahame ka nakoana, ’me ha ba sa le eo,+Ba theoletsoe tlaase;+ ba khuoa joaloka e mong le e mong,Ba khaoloa joaloka hlooho ea qoapi ea lijo-thollo.
25 Kahoo joale ha e le hantle, ke mang ea nketsang ea leshanoKapa ea tla etsa hore lentsoe la ka e be lefeela?”

