Jobo 38:1-41
38 Jehova a araba Jobo a le sefefong+ ’me a re:
2 “Ke mang eo ea patang keletsoKa mantsoe a se nang tsebo?+
3 Ka kōpo, itlame letheka joaloka monna ea shahlileng,Ke u botse, uena u ntsebise.+
4 U ne u le hokae ha ke theha lefatše?+Mpolelle, haeba u tseba kutloisiso.
5 Ke mang ea behileng litekanyo tsa lona, haeba u tseba,Kapa ke mang ea ileng a otlolla khoele ea ho lekanya holim ’a lona?
6 Litšehetso tsa lona tse sekoti+ li kentsoe ho eng,Kapa ke mang ea behileng lejoe la lona la sekhutlo,
7 Ha linaleli tsa hoseng+ li hoeletsa ka thabo hammoho,Bara bohle ba Molimo+ ba qala ho hlaba litlatse?
8 Ke mang ea etselitseng leoatle mokoallo ka mamati,+Le ileng la tsoa joalokaha eka le qhashoha pōpelong;
9 Ha ke beha leru e le seaparo sa lonaLe botšo bo boholo e le lesela la lona le phuthelang,
10 Ka beha molao oa ka oa tsamaiso holim ’a lonaKa beha mekoallo le mamati,+
11 Ka re, ‘U ka fihla bohōleng bona, eseng ho fetela pele;+Maqhubu a hao a phahameng a lekanyelitsoe+ ho fihla mona’?
12 Na u ile ua laela hoseng+ ho tloha matsatsing a hao ho ea pele?Na u ile ua etsa hore mafube a tsebe sebaka sa ’ona,
13 Hore a tšoare lipheletso tsa lefatše,E le hore ba khopo ba ka hlohloroa ho lona?+
14 A iphetola joaloka letsopa+ tlas’a tiiso,Lintho li ema joalokaha eka li apere.
15 Ba khopo ba haneloa ka leseli la bona,+Letsoho le phahameng lea robeha.+
16 Na u fihlile mehloling ea leoatle,Kapa u tsamaile+ u ntse u batla boliba?+
17 Na u buletsoe liheke tsa lefu,+Kapa na u ka bona liheke tsa moriti o lefifi?+
18 Na u nahanne ka bohlale ka libaka tse pharaletseng tsa lefatše?+Bolela, haeba u tseba sohle.
19 Joale, tsela e eang moo letsatsi le lulang+ e hokae?Ha e le lefifi, sebaka sa lona se hokae,
20 E le hore u ka le isa moeling oa lonaLe hore u utloisise litsela tse eang ntlong ea lona?
21 Na ua tseba kahobane u ile ua tsoaloa+ ka nako eo,Kahobane matsatsi a hao a mangata ka palo?
22 Na u kene ka matlung a polokelo a lehloa,+Kapa na u bona matlo a polokelo a sefako,+
23 Ao ke a boloketseng nako ea mahlomola,Bakeng sa letsatsi la ho loana le ntoa?+
24 Joale, tsela eo leseli le ikabang ka eona e hokae,Le eo moea oa bochabela+ o hasa-hasanang ka eona holim ’a lefatše?
25 Ke mang ea arotseng kotopo bakeng sa moroalloLe tsela bakeng sa maru a sefefo a sealuma,+
26 Ho nesa pula naheng eo ho eona ho se nang motho,+Lefeelleng leo ho lona ho se nang motho oa lefatše,
27 Ho khotsofatsa libaka tse otliloeng ke sefefo le tse lesupiLe ho melisa lehlōmela la joang?+
28 Na pula e na le ntate,+Kapa ke mang ea tsoetseng marotholi a phoka?+
29 Ha e le hantle leqhoa le tsoa ka mpeng ea mang,Ha e le serame+ sa leholimo, ke mang ea se tsoalang?
30 Metsi a lula a ipatile joalokaha eka ke ka tlas’a lejoe,Bokaholimo ba boliba bo iketsa hore bo tiee.+
31 Na u ka tiisa litlamo tsa sehlopha sa linaleli sa Kima,Kapa na u ka lokolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?+
32 Na u ka hlahisa sehlopha sa linaleli sa Mazarothe ka nako ea sona e behiloeng?Ha e le sehlopha sa linaleli sa Ashe haufi le bara ba sona, na u ka se tsamaisa?
33 Na u tseba litaelo tse hlomamisitsoeng tsa maholimo,+Kapa na u ka beha matla a ’ona lefatšeng?
34 Na u ka phahamisetsa lentsoe la hao lerung,E le hore moroallo o nyolohang oa metsi o ka u koahela?+
35 Na u ka ntša mahalima e le hore a ka tsamaeaA re ho uena, ‘Ke rōna bana!’?
36 Ke mang ea kentseng bohlale+ marung,Kapa ke mang ea fileng lipono tse makatsang tsa leholimo kutloisiso?+
37 Ke mang ea ka balang maru hantle ka bohlale,Kapa linkho tsa metsi tsa leholimo—ke mang ea ka li thulamisang,+
38 Ha lerōle le tšoloha joalokaha eka le tšolohela ka nthong e entsoeng ka ho qhibilihisoa,Makote a khomarelana?
39 Na u ka tsomela tau phofuNa u ka khotsofatsa takatso e matla ea lijo ea litaoana,+
40 Ha li botha libakeng tseo li ipatang ho tsona,+Kapa li bothile selaong moo li lallang teng?
41 Ke mang ea lokisetsang lekhoaba lijo+ tsa lonaHa malinyane a lona a hoeletsa ho Molimo ho kōpa thuso,Ha a ntse a lelera kahobane ho se letho le jeoang?

