Jobo 16:1-22
16 Jobo a araba a re:
2 “Ke utloile lintho tse ngata tse joaloka tsena.Kaofela ha lōna le batšelisi ba likhathatso!+
3 Na mantsoe a lefeela+ a na le bofelo?Kapa le halefisoa ke eng, hore le arabe?
4 Le ’na ke ne nka bua joaloka lōna.Hoja meea ea lōna e ne e le moo moea oa ka o leng teng,Na ke ne ke tla ba bohlale ka mantsoe khahlanong le lōna,+Na ke ne ke tla le sisinyetsa hlooho?+
5 Ke ne ke tla le matlafatsa ka mantsoe a molomo+ oa ka,Matšeliso a molomo oa ka a ne a tla fokotsa—.
6 Haeba ke bua, bohloko ba ka ha bo fokotsehe,+Haeba ke khaotsa ho etsa joalo, ke eng se tlohang ho ’na?
7 Joale o ntepelelitse;+O entse bohle ba bokanang le ’na lesupi.
8 Le boetse lea ntšoara. Ho fetohile bopaki,+Hoo ho ota ha ka ho ntsohelang matla. Ho paka ka pel’a sefahleho sa ka.
9 Bohale ba hae bo nthusolotse, ’me o nkoetlela lehloeo.+Ha e le hantle o ntsikitlanyetsa meno.+Mohanyetsi oa ka o leotsa mahlo a hae khahlanong le ’na.+
10 Ba nkahlamiselitse melomo,+Ba ntjabetse marameng ka nyeliso,Ba ikhobokanya ka bongata khahlanong le ’na.+
11 Molimo o nehelana ka ’na ho bashanyana,O ntahlela ka matla+ matsohong a ba khopo.
12 Ke ne ke lutse ka boiketlo, empa a ntšisinya;+A ntšoara ka sekotlo ’me a nthobokella,O nkemisa ke le seo a se korotseng.
13 Batho ba hae ba fulang metsu+ baa mpota-pota;O petsola liphio+ tsa ka ’me ha a be le qenehelo;O qhalla mokotlana oa ka oa nyooko fatše.
14 O ntse a mphunya masoba-soba;O mathela ho ’na joaloka ea matla.+
15 Ke rōkahantse lesela la mokotla+ holim ’a letlalo la ka,Ke lahletse lenaka la ka lerōleng.+
16 Sefahleho sa ka se fubetse ke ho lla,+Ho na le moriti o lefifi+ lintšing tsa ka,
17 Le hoja ho se na pefo liatleng tsa ka,Thapelo ea ka e hloekile.+
18 Uena lefatše, u se ke ua koahela mali+ a ka!Mohoo oa ka o se ke oa e-ba le sebaka!
19 Joale, bonang! ea pakang ka ’na o maholimong,Paki ea ka e libakeng tse phahameng.+
20 Metsoalle ea ka ke babuelli ba buang khahlanong le ’na;+Leihlo la ka le talimile ho Molimo le sa robale.+
21 Ho lokela hore ho etsoe qeto pakeng tsa monna ea shahlileng le Molimo,Ho tšoana le pakeng tsa mora oa motho le oa habo.+
22 Etsoe ho tla tla lilemo tse seng kae,Ke tla tsamaea ka tsela eo nke keng ka khutla ka eona.+

