Jobo 5:1-27
5 “Ka kōpo, hooa! Na ho na le ea u arabang?U tla retelehela ho ofe oa bahalaleli?
2 Etsoe khalefo e tla bolaea leoatla,Mohono o tla bolaea ea ekoang habonolo.
3 Ke bone leoatla le mela ka metso,+Empa ka tšohanyetso ka qala ho rohaka sebaka sa lona sa bolulo.
4 Bara ba lona ba lula ba le hōle le poloko,+Ba silakanngoa hekeng ho se molopolli.
5 Seo le se kotulang se jeoa ke ea lapileng;Motho o se nka lihakising tsa nama,Leraba le hloibila seo ba iphelisang ka sona.
6 Etsoe se kotsi ha se tsoe lerōleng,Khathatso ha e hlahe mobung.
7 Etsoe motho o tsoalloa khathatso,Joalokaha litlhase li fofela holimo.
8 Leha ho le joalo, ke ne ke tla kōpa Molimo,Ke ne ke tla hlahisa nyeoe+ ea ka ho Molimo,
9 Ho Ea etsang lintho tse khōlō tse ke keng tsa batlisisoa,Lintho tse hlollang tse se nang palo;+
10 Ho Ea fanang ka pula holim ’a lefatše+Le ea romelang metsi masimong;+
11 Ho Ea behang ba tlaase sebakeng se phahameng,+E le hore ba hlomohileng ba phahamele polokong;
12 Ho Ea nyopisang merero ea ba masene,+E le hore matsoho a bona a se ke a sebetsa ka katleho;
13 Ho Ea tšoasang ba bohlale manong+ a bona,E le hore morero oa ba masene o phethoe ka lepotlapotla;+
14 Esita le motšehare ba thulana le lefifi,Ba phopholetsa har’a motšehare joalokaha eka ke bosiu;+
15 Ho Ea pholosang mofutsana+ saboleng e tsoang melomong ea bona,Le letsohong la ea matla,
16 E le hore ho be le tšepo bakeng sa ea tlaase,+Empa ho se loke ho koale molomo.+
17 Bona! Ho thaba motho eo Molimo a mo khalemelang;+U se ke ua lahla taeo ea Ea Matla ’Ohle!
18 Etsoe o baka bohloko, empa o tlamisa leqeba;O roba likoto, empa matsoho a hae aa folisa.
19 O tla u lopolla mahlomoleng a tšeletseng,+Ho a supileng ha ho letho le kotsi le tla u ama.+
20 Ka sebele o tla u lopolla lefung+ nakong ea tlala,A u lopolle matleng a sabole nakong ea ntoa.
21 U tla pateloa ho shapa ha leleme,+U ke ke ua tšaba tlatlapo ha e tla.
22 U tla tšeha tlatlapo le tlala,Ha ho hlokahale hore u tšohe sebata sa lefatše.
23 Etsoe u tla ba le selekane le majoe a naha,Sebata sa lefatše se tla etsoa hore se phele le uena ka khotso.+
24 Ka sebele u tla tseba hore khotso ke tente ea hao,U tla tlameha ho ea ’me u bone lekhulo la hao, ’me u ke ke ua hloka letho.
25 Ka sebele u tla tseba hore bana ba hao ba bangata+Litloholo tsa hao li joaloka limela tsa lefatše.+
26 U tla tla sebakeng sa lepato+ ka mahlahahlaha,Joalokaha mangata a bokellana ka nako ea ’ona.
27 Bona! Sena ke seo re se batlisisitseng. Se joalo.Se utloe, ’me uena—u se tsebe.”

