Jobo 35:1-16

35  Elihu a tsoela pele ho araba ’me a re:   “Na see ke seo u se nkileng e le toka?U itse, ‘Ho loka ha ka ho feta ha Molimo.’+   Etsoe u re, ‘Ho na le thuso efe ho uena?+Ke fumana molemo ofe ho feta ha ke etsa sebe?’+   Ke tla u arabaKe arabe le metsoalle+ ea hao e nang le uena.   Talima leholimong+ u bone,U bone maru,+ hore a u phahametse.   Haeba u etsa sebe, u finyella eng khahlanong le eena?+Haeba bofetoheli ba hao bo eketseha, u mo etsetsa eng?   Haeba ka sebele u nepile, u mo fa eng,Kapa o amohela eng letsohong la hao?+   Bokhopo ba hao bo ka ’na ba e-ba khahlanong le motho ea joaloka uena,+Ho loka ha hao ha e-ba ho mora oa motho oa lefatše.+   Ba ntse ba hoeletsa ho kōpa thuso ka lebaka la likhatello tse ngata;+Ba ntse ba hoeletsa ho kōpa thuso ka lebaka la matsoho a ba baholo.+ 10  Leha ho le joalo ha ho ea itseng, ‘Molimo Moetsi oa ka e Moholo+ o hokae,Ea fanang ka lipina tsa thoriso bosiu?’+ 11  Ke eena Ea re rutang+ ho feta liphoofolo tsa lefatše,+O re hlalefisa ho feta libōpuoa tse fofang tsa maholimo. 12  Ba ntse ba hoeletsa moo, empa ha a arabe,+Ka lebaka la boikakaso+ ba ba babe. 13  Ke leshano feela leo Molimo a sa le utloeng,+Ea Matla ’Ohle ha a le talime.+ 14  Joale, ho joalo hakaakang ha u re ha u mo bone!+Nyeoe e ka pel’a hae, kahoo u lokela ho mo letela ka tabatabelo.+ 15  Joale kahobane bohale ba hae ha boa batla boikarabello,+O boetse ha aa ela hloko lepotlapotla le feteletseng.+ 16  Jobo o ahlamisetsa molomo oa hae lefeela;O atisa mantsoe ntle ho tsebo.”+

Linaletsana