Jobo 33:1-33
33 “Joale, leha ho le joalo, Uena Jobo, ka kōpo utloa mantsoe a ka,U mamele lipolelo tsohle tsa ka.
2 Ka kōpo, bona! Ke lokela ho ahlamisa molomo;Leleme la ka le lokela ho bua mahalapeng.+
3 Lipolelo tsa ka ke ho loka ha pelo+ ea ka,Molomo oa ka o bolela tsebo ka botšepehi.+
4 Moea oa Molimo ke oona o nkentseng,+Phefumoloho ea Ea Matla ’Ohle e mphelisitse.+
5 Haeba u khona, nkarabe,Teka mantsoe ka pel’a ka; ema sebakeng sa hao.
6 Bona! ’Na ke seo u leng sona ho Molimo oa ’nete;+Le ’na, ke bōpiloe+ ka letsopa.
7 Bona! Ha ho ntho e tšabehang ka ho ’na e tla u tšosa,Ha ho khatello+ ea ka e tla ba boima holim ’a hao.
8 Feela u itse moo ke ntseng ke utloa,Ka ’na ka utloa molumo oa mantsoe a hao,
9 ‘Ke hloekile ’me ha ke na tlōlo;+Ha kea silafala, ’me ha ke na phoso.+
10 Bona! O fumana linako tsa ho nkhanyetsa,O nka hore ke sera sa hae.+
11 O kenya maoto a ka metšoasong,+O lebela litsela tsohle tsa ka.’+
12 Bona! Kea u araba, ha ua nepa+ ho sena;Etsoe Molimo o moholo haholo ho feta motho ea shoang.+
13 Ke hobane’ng ha u tsekisane+ le eena,Kahobane ha a arabe+ mantsoe ’ohle a hao?
14 Etsoe Molimo o bua hang,Le habeli+—le hoja motho a sa ho ele hloko—
15 Torong,+ ponong+ ea bosiu,Ha batho ba tleloa ke boroko bo tebileng,Nakong ea ho robala betheng.+
16 Nakong eo o bula litsebe tsa batho,+O beha tiiso ea hae keletsong eo a ba fang eona,
17 E le hore a khelose motho ketsong+ ea hae,Hore a tlose boikakaso+ ho monna ea shahlileng.
18 O thiba moea oa hae sekoting+Le bophelo ba hae hore bo se ke ba timetsoa ke lerumo.+
19 O khalemeloa ka bohloko holim ’a bethe ea hae,Ho qabana ha masapo a hae ha ho khaotse.
20 Ka sebele bophelo ba hae bo etsa hore bohobe bo nyonyehe,+Moea oa hae e be lijo tse lakatsehang.
21 Nama ea hae ea senyeha hore e se ke ea bonoa,Ka sebele masapo a hae a neng a sa bonoe e ba a sa koaheloang ke letho.
22 Moea oa hae o atamela sekoting,+Bophelo ba hae bo atamela ho babolai.
23 Haeba ho e-na le lenģosa bakeng sa hae,’Muelli, a le mong ho ba sekete,Ho bolella motho ho loka ha hae,
24 Joale oa mo hauhela ’me o re,‘Mo tloheleng hore a se ke a theohela ka sekoting!+Ke fumane thekollo!+
25 Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng;+A ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.’+
26 O tla etsa kōpo e tiileng ho Molimo e le hore a ka khahlisoa ke eena,+O tla bona sefahleho sa hae ka mohoo oa thabo,O tla busetsa ho loka ha Hae ho motho ea shoang.
27 O tla binela batho ’me a re,‘Ke entse sebe;+ ’me ke khopamisitse se lokileng,Ka sebele e ne e se ntho e ntoketseng.
28 O lopolotse moea oa ka hore o se ke oa fetela ka sekoting,+Bophelo ba ka bo tla bona leseli.’
29 Bona! Molimo o etsa lintho tsena tsohle,Ka makhetlo a mabeli, ka makhetlo a mararo, tabeng ea monna ea shahlileng,
30 Ho furallisa moea oa hae sekoti,+E le hore a ka behoa leseling ka leseli la ba phelang.+
31 Ela hloko, Uena Jobo! ’Mamele!Khutsa, ’me ’na ke tla tsoela pele ho bua.
32 Haeba ho e-na le mantsoe leha e le afe ao u ka a buang, nkarabe;Bua, etsoe ke khahliloe ke ho loka ha hao.
33 Haeba a le sieo, u ’mamele;+Khutsa, ’me ke tla u ruta bohlale.”

