Jobo 39:1-30

39  “Na u tseba nako e behiloeng ea hore lipōli tsa thaba tsa lefika li tsoale?+Na u hlokomela hore likhama tse tšehali li tsoala+ neng ka bohloko ba pelehi?   Na u bala likhoeli tseo li li phethang,Kapa u tseba nako e behiloeng eo li tsoalang ka eona?   Lia inama ha li tsoala manamane a tsona,Ha li itokolla bohlokong ba tsona.   Manamane a tsona a matona a ba matla, a ba maholo naheng e sabaletseng;Aa tsoa ’me ha a khutlele ho tsona.   Ke mang ea lokolotseng qoaha,+Ke mang ea lokolotseng marapo a esele e hlaha,   Eo ntlo ea eona ke e entseng thota ea lehoatataLe eo libaka tsa eona tsa bolulo ke li entseng naha ea letsoai?+   E tšeha morusu oa motse;Ha e utloe marata a ea nanarelang.+   E hlahloba lithaba bakeng sa makhulo+ a eonaE batla semela se setala sa mofuta o mong le o mong.+   Na poho e hlaha e batla ho u sebeletsa,+Kapa na e tla hlola bosiu sejelong sa hao? 10  Na u tla tlama poho e hlaha ka thata ka liropo tsa eona tseleng ea mohoma,Kapa na e tla ekha+ likhohlo ka mor’a hao? 11  Na u tla e tšepa kahobane e e-na le matla a maholo,Na u tla e tlohella seo u se sehletseng ka thata? 12  Na u tla itšetleha ka eona hore e khutlise peō ea haoLe hore e bokelle seotlong sa hao? 13  Na lepheo la mpshe e tšehali le phuphusetse ka thabo,Kapa e na le masiba a mokotatsie+ le masiba ’ohle? 14  Etsoe e tlohela mahe a eona mobungE a boloka a futhumetse lerōleng, 15  Ea lebala hore leoto le ka ’na la a silakanyaKapa esita le hore sebata sa naha se ka a hatakela. 16  E tšoara malinyane a eona a matona ka thata, joalokaha eka hase a eona+Ho sehla ha eona ke ha lefeela kahobane ha e na tšabo. 17  Etsoe Molimo o e lebalitse bohlale,Ha aa e abela kutloisiso.+ 18  Nakong eo e phuphuletsang mapheo a eona holimo,E tšeha pere le mopalami oa eona. 19  Na u ka fa pere matla?+Na u ka apesa molala oa eona ka moetse o phophomang? 20  Na u ka e etsa hore e qothome joaloka tsie?Ho hlompheha ha ho kurutla ha eona hoa tšosa.+ 21  E tila+ khohlong ’me e thabisoa ke matla;E khahlanyetsa lihlomo.+ 22  E tšeha matšabeho, ’me ha e harohe letsoalo;+Leha e le hore e khutlisoa ke sabole. 23  Khohlopo e kotomana khahlanong le eona,Lehare la lerumo le lerumo le betsoang. 24  E metsa lefatše ka ho tila ka tlhako le ka khalefo,Ha e lumele hore ke molumo oa lenaka. 25  Hang ha lenaka le lla e re Eke!E fofonela ntoa e le hōle,Moferefere oa balaoli le mohoo oa ntoa.+ 26  Na ke ka lebaka la kutloisiso ea hao phakoe e fofelang holimo,E otlollelang mapheo a eona moeeng oa boroa? 27  Kapa na ke ka taelo ea hao ntsu+ e fofelang holimoE hahang sehlaha sa eona holimo,+ 28  E lulang lefikeng ’me e hlolang bosiuHolim ’a motsu oa lefika le sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona? 29  Ho tloha moo e lokela ho batla lijo;+Mahlo a eona a talima hōle. 30  Malinyane a eona a ntse a noa mali;Moo ho nang le ba bolailoeng, e hona teng.”+

Linaletsana