Jobo 8:1-22
8 Bildade Moshuha+ a araba a re:
2 “U tla ’ne u bue lintho+ tsee halelele hakae,Ha lipolelo tsa molomo oa hao e le feela moea o matla?+
3 Na Molimo o tla khopamisa kahlolo,+Kapa na Ea Matla ’Ohle o tla khopamisa ho loka?+
4 Haeba bara ba hao ba mo sitetsoe,Hoo a ba tlohellang letsohong la bofetoheli ba bona,
5 Haeba u ka batla Molimo,+Haeba u ka kōpa mohau ho Ea Matla ’Ohle,
6 Haeba u hloekile ’me u lokile,+Joale o ne a tla tsoha bakeng sa haoKa sebele o ne a tla tsosolosa sebaka sa hao sa bolulo se lokileng.
7 Hape, tšimoloho ea hao e ka be e bile ntho e nyenyane,Empa qetello ea hao hamorao e ne e tla ba khōlō haholo.+
8 Ka kōpo, botsa moloko+ oa pele,U lebise tlhokomelo ea hao linthong tse batlisisitsoeng ke bo-ntat’a bona.+
9 Etsoe re bile teng maobane,+ ’me ha re tsebe letho,Kahobane matsatsi a rōna lefatšeng ke moriti.+
10 Na ba ke ke ba u rupela, ba u bolelle,Na ba ke ke ba hlahisa mantsoe ka lipelong tsa bona?
11 Na semela sa loli+ se tla hōla hore se be selelele kantle ho sebaka se qhafu-qhafu?Na lehlaka le tla hōla ho se na metsi?
12 Le tla omella le sa ntse le fupile, le sa khuoa,Esita le pele ho joang bo bong bohle le tla omella.+
13 Litsela tsa bohle ba lebalang Molimo+ li joalo,Tšepo ea mokoenehi e tla timela,+
14 Eo kholiseho ea hae e felisitsoeng,Le eo tšepo ea hae e leng ntlo ea sekho.+
15 O tla itšetleha ka ntlo ea hae, empa e ke ke ea tsoela pele e eme;O tla e tšoara, empa e ke ke ea tšoarella.
16 O tletse lero la limela letsatsing,Lekala la hae le hlaha serapeng sa hae.+
17 Metso ea hae e rarahana qubung ea majoe,O bona ntlo ea majoe.
18 Haeba motho a mo metsa sebakeng sa hae,+Ka sebele se tla boela se mo latole, se re, ‘Ha kea u bona.’+
19 Bona! Ke ho qhibiliha ha tsela ea hae;+Ba bang ba hlaha lerōleng.
20 Bona! Molimo a ke ke a lahla ea sa tšoauoeng phoso,Leha e le hore o tla tšoara matsoho a baetsi ba bobe,
21 Ho fihlela a tlatsa molomo oa hao ka litšeho,Molomo oa hao a o tlatsa ka mohoo oa thabo.
22 Ba u hloileng ba tla apara lihlong,+Tente ea ba khopo e tla ba sieo.”

