Levitike 4:1-35

  • Nyehelo ea sebe (1-35)

4  Jehova a re ho Moshe:  “E-re ho Baiseraele, ‘Haeba motho a etsa sebe a sa ikemisetsa+ ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laetseng hore li se ke tsa etsoa:  Haeba moprista ea tlotsitsoeng+ a etsa sebe+ ’me a tlisetsa sechaba molato, a hlahise pohoana e phetseng hantle ho Jehova e le nyehelo ea sebe seo a se entseng.+  A tlise poho monyako oa tente ea pokano+ ka pel’a Jehova, a behe letsoho holim’a hlooho ea eona ebe o e hlabela ka pel’a Jehova.+  Moprista ea tlotsitsoeng+ o tla nka mali a poho a a tlise ka tenteng ea pokano.  Moprista a qopetse mali ka monoana+ ’me a fafatse mali a mang ka makhetlo a supileng+ ka pel’a Jehova e leng ka pel’a kharetene ea sebaka se halalelang.  Hape moprista a tlotse mali a mang holim’a manaka a aletare ea libano tse nkhang hamonate+ e ka pel’a Jehova ka tenteng ea pokano. A tšele mali a mang kaofela a poho karolong e ka tlase ea aletare ea nyehelo ea secheso+ e monyako oa tente ea pokano.  Ka mor’a moo, a tlose mafura ’ohle a poho ea nyehelo ea sebe, mafura a koahelang mala, mafura a potolohileng mala,  liphio tse peli le mafura a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 10  A tlose lintho tsena joalokaha ho etsoa ka poho ea sehlabelo se kopanetsoeng.+ Moprista a etse hore li kubelle aletareng ea nyehelo ea secheso. 11  Empa letlalo la poho, nama eohle, hlooho, litlhakoana, mala le bolokoe ba eona+ 12  e leng poho eohle, a e ntšetse ka ntle ho liahelo sebakeng se hloekileng moo ho qhalloang molora* teng ’me a e chese mollong holim’a patsi.+ E chesetsoe moo ho qhalloang molora teng. 13  Haeba sechaba sohle sa Iseraele se le molato ka ho etsa sebe se sa ikemisetsa+ e leng ntho eo Jehova a laetseng hore e se ke ea etsoa+ 14  ebe sebe seo sea tsebahala, sechaba se hlahise pohoana bakeng sa nyehelo ea sebe ’me se e tlise ka pel’a tente ea pokano. 15  Baholo ba Iseraele ba behe matsoho holim’a hlooho ea eona ka pel’a Jehova ’me poho e hlabeloe ka pel’a Jehova. 16  Moprista ea tlotsitsoeng a tlise mali a poho ka tenteng ea pokano. 17  Moprista a qopetse mali ka monoana ’me a fafatse mali a mang ka makhetlo a supileng ka pel’a Jehova ka pel’a kharetene.+ 18  A tlotse mali a mang holim’a manaka a aletare+ e ka pel’a Jehova, e tenteng ea pokano. Mali a mang kaofela a a qhalle karolong e ka tlase ea aletare ea nyehelo ea secheso e monyako oa tente ea pokano.+ 19  A tlose mafura ’ohle a eona ’me a etse hore a kubelle aletareng.+ 20  A etse seo a se entseng ka poho e ’ngoe ea nyehelo ea sebe. Moprista a ba etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ ’me ba tla tšoareloa. 21  A ntšetse poho ka ntle ho liahelo ’me a e chese feela joalokaha a chesitse poho ea pele.+ Ke nyehelo ea sebe bakeng sa sechaba.+ 22  Ha khosana+ e etsa sebe e sa ikemisetsa ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova Molimo a laetseng hore li se ke tsa etsoa ’me e le molato 23  kapa haeba khosana e hlokomela sebe seo e se entseng ka ho se mamele taelo, e tlise nyehelo ea potsanyane e tona e phetseng hantle. 24  Khosana e behe letsoho holim’a hlooho ea potsanyane ’me e e hlabele sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona ka pel’a Jehova.+ Ke nyehelo ea sebe. 25  Moprista a qopetse mali a mang a nyehelo ea sebe ka monoana ’me a a tlotse holim’a manaka+ a aletare ea nyehelo ea secheso. A tšele mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlase ea aletare ea nyehelo ea secheso.+ 26  A etse hore mafura ’ohle a eona a kubelle aletareng joaloka mafura a sehlabelo se kopanetsoeng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa khosana ’me e tla tšoareloa. 27  Haeba e mong oa batho ba naha a etsa sebe a sa ikemisetsa ’me a ba molato ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laetseng hore li se ke tsa etsoa+ 28  kapa haeba a hlokomela sebe seo a se entseng, a tlise potsanyane e tšehali e phetseng hantle e le nyehelo ea hae bakeng sa sebe seo a se entseng. 29  A behe letsoho holim’a hlooho ea nyehelo ea sebe ’me a hlabele nyehelo ea sebe sebakeng se tšoanang le sa nyehelo ea secheso.+ 30  Moprista a qopetse mali a mang a eona ka monoana ’me a a tlotse holim’a manaka a aletare ea nyehelo ea secheso. A tšele mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlase ea aletare.+ 31  A tlose mafura ’ohle+ a eona feela joalokaha mafura a tlosoa sehlabelong se kopanetsoeng.+ Moprista a etse hore a kubelle aletareng e le monko o monate* ho Jehova. A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa motho eo ’me o tla tšoareloa sebe sa hae. 32  Empa haeba a fana ka konyana bakeng sa nyehelo ea hae ea sebe, a tlise e tšehali e phetseng hantle. 33  A behe letsoho holim’a hlooho ea nyehelo ea sebe ’me a e hlabe e le nyehelo ea sebe sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona.+ 34  Moprista a qopetse mali a mang a nyehelo ea sebe ka monoana ’me a a tlotse manakeng a aletare ea nyehelo ea secheso.+ A tšele mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlase ea aletare. 35  A tlose mafura ’ohle a eona ka tsela e tšoanang le eo mafura a ramo e nyenyane ea sehlabelo se kopanetsoeng a tlosoang ka eona. Moprista a etse hore li kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla tšoareloa.+

Linaletsana

Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “khathollang.”