Levitike 9:1-24
-
Arone o etsa linyehelo (1-24)
9 Ka letsatsi la borobeli,+ Moshe a bitsa Arone le bara ba hae le baholo ba Iseraele.
2 A re ho Arone: “Inkele namane e nyenyane ea nyehelo ea sebe+ le ramo ea nyehelo ea secheso, ebe tse phetseng hantle ’me u li hlahise ka pel’a Jehova.
3 Empa u re ho Baiseraele, ‘Nkang phooko* ea nyehelo ea sebe ’me bakeng sa nyehelo ea secheso le nke namane le ramo e nyenyane. Ka bobeli e be tse nang le selemo, tse phetseng hantle.
4 Le nke le poho le ramo bakeng sa mahlabelo a kopanetsoeng+ hore ho etsoe sehlabelo ka tsona ka pel’a Jehova le nyehelo ea lijo*+ e kopantsoeng le oli hobane kajeno Jehova o tla bonahala ho lona.’”+
5 Ba tlisa tsohle tseo Moshe a laetseng hore ba li tlise ka pel’a tente ea pokano. Sechaba sohle sa atamela ’me sa ema ka pel’a Jehova.
6 Moshe a re: “Jehova o laetse hore le etse sena e le hore khanya ea Jehova e ka bonahala ho lona.”+
7 Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng u hlahise nyehelo ea hao ea sebe+ le ea secheso ’me u etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa hao+ le ba lelapa la hao. U hlahise nyehelo ea sechaba+ u be u se etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ feela joalokaha Jehova a laetse.”
8 Kapele-pele Arone a atamela aletareng eaba o itlhabela namane ea nyehelo ea sebe.+
9 Bara ba Arone ba tlisa mali+ ho eena eaba o a qopetsa ka monoana ’me o a tlotsa manakeng a aletare. A tšela mali a mang kaofela karolong e ka tlase ea aletare.+
10 A etsa nyehelo ea sebe ka ho chesa mafura, liphio le mafura a sebeteng aletareng feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+
11 A chesetsa nama le letlalo la namane eo ka ntle ho liahelo.+
12 Arone a hlaba phoofolo ea nyehelo ea secheso eaba bara ba hae ba mo fa mali a eona ’me a a fafatsa mahlakoreng ’ohle a aletare.+
13 Ba mo fa nama ea nyehelo eo le hlooho ea eona ’me a li chesetsa aletareng hore li kubelle.
14 A hlatsoa mala le litlhakoana ’me a li chesetsa aletareng le nyehelo ea secheso e le hore li kubelle.
15 A hlahisa nyehelo ea sechaba eaba o nka poli ea nyehelo ea sebe bakeng sa sechaba, a e hlaba ’me a etsa nyehelo ea sebe ka eona joalokaha a entse ka nyehelo ea pele.
16 A boela a hlahisa nyehelo ea secheso ’me a e etsa ho ea ka mokhoa o tloaelehileng.+
17 A hlahisa nyehelo ea lijo,+ a tlatsa e ’ngoe ea eona letsohong la hae ’me a e chesa e le hore e kubelle aletareng, ho ekelletsa nyehelong ea secheso ea hoseng.+
18 A hlaba poho le ramo ea sehlabelo se kopanetsoeng seo e neng e le sa sechaba. Bara ba Arone ba mo fa mali a tsona ’me a a fafatsa mahlakoreng ’ohle a aletare.+
19 Ha e le likarolo tse mafura tsa poho,+ mohatla o mafura oa ramo, mafura a koahetseng mala, liphio le mafura a sebeteng,+
20 ba li beha holim’a lifuba tsa poho le ramo eaba Arone o li chesa aletareng e le hore li kubelle.+
21 Empa lifuba le leoto le letona Arone a li tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova feela joalokaha Moshe a ne a laetse.+
22 Arone a phahamisetsa matsoho ho sechaba a se hlohonolofatsa+ eaba o theoha aletareng ka mor’a ho etsa nyehelo ea sebe, nyehelo ea secheso le mahlabelo a kopanetsoeng.
23 Qetellong Moshe le Arone ba kena ka tenteng ea pokano eaba baa tsoa ’me ba hlohonolofatsa sechaba.+
Sechaba sohle sa bona khanya ea Jehova.+
24 Ha sechaba sohle se bona mollo o tsoang ho Jehova+ o chesa nyehelo ea secheso le mafura a aletareng, sa hoeletsa ’me sa khumama.*+
Linaletsana
^ Kapa: “poli e tona.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Se thetsitse fatše ka lihlooho.

