Levitike 1:1-17
-
Nyehelo ea secheso (1-17)
1 Jehova a bitsa Moshe ’me a bua le eena tenteng ea pokano+ a re:
2 “E-re ho Baiseraele,* ‘Haeba e mong oa lona a tlisetsa Jehova nyehelo e tsoang liphoofolong tse ruuoang, e lokela ho tsoa mohlapeng+ oa likhomo, oa linku kapa oa lipoli.
3 Haeba nyehelo ea hae e le nyehelo ea secheso e tsoang mohlapeng oa likhomo, a tlise e tona e phetseng hantle.+ A e tlise ka ho rata+ ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano.
4 A behe letsoho hloohong ea nyehelo ea secheso ’me e tla amoheloa e le hore a tšoareloe libe.
5 Pohoana e hlajoe ka pel’a Jehova. Bara ba Arone e leng baprista,+ ba tla hlahisa mali ka pel’a Molimo ’me ba a fafatse mahlakoreng ’ohle a aletare+ e monyako oa tente ea pokano.
6 Nyehelo ea secheso e lokela ho buuoa ’me e khabeloe likotoana.+
7 Bara ba Arone e leng baprista ba behe mashala a tukang aletareng+ ebe ba beha patsi holim’a ’ona.
8 Bara ba Arone e leng baprista ba tla beha likotoana tseo tsa nyehelo+ hammoho le hlooho le mafura a potolohileng liphio* holim’a patsi e mollong o aletareng.
9 Mala a eona le litlhakoana tsa eona li tla hlatsuoa ka metsi. Moprista a etse hore kaofela ha eona e kubelle aletareng e le nyehelo ea secheso e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+
10 Haeba nyehelo ea hae ea secheso e tsoa mohlapeng+ oa linku le lipoli, liramong tse nyenyane kapa lipoling, a tlise e tona e phetseng hantle.+
11 E hlabeloe lehlakoreng le ka leboea la aletare ka pel’a Jehova. Bara ba Arone e leng baprista ba fafatse mali a eona mahlakoreng ’ohle a aletare.+
12 E khabeloe likotoana ’me moprista a e behe holim’a patsi e mollong o aletareng hammoho le hlooho le mafura a eona a potolohileng liphio.*
13 Mala le litlhakoana tsa eona li hlatsuoe ka metsi, moprista a e hlahise kaofela ka pel’a Molimo ’me a etse hore e kubelle aletareng. Ke nyehelo ea secheso e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*
14 Empa haeba a fana ka linonyana e le nyehelo ea secheso ho Jehova, a fane ka maebana kapa maebana-khoroana.+
15 Moprista a a hlahise aletareng ’me a a phunye molaleng. A etse hore a kubelle aletareng empa mali a ’ona a ntšetsoe lehlakoreng la aletare.
16 A ntše kila le masiba a ’ona ’me a li lahlele ka thoko ho aletare, ka bochabela moo ho qhalloang molora.*+
17 A a sehe pel’a mapheo empa a sa a arole likarolo tse peli. Moprista a etse hore a kubelle aletareng holim’a patsi e mollong. Ke nyehelo ea secheso e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*

