Levitike 19:1-37

  • Melao e fapaneng mabapi le ho halalela (1-37)

    • Tsela e nepahetseng ea ho kotula (9, 10)

    • Ho nahanela batho ba sa utloeng le ba sa boneng (14)

    • Ho senya motho lebitso (16)

    • U se ke oa tšoara batho ka pelo (18)

    • Le se ke la sebelisa boselamose kapa la buisana le balimo (26, 31)

    • Le se ke la ingola ’meleng (28)

    • Hlompha batho ba holileng (32)

    • Tsela eo balichaba ba lokelang ho tšoaroa ka eona (33, 34)

19  Jehova a re ho Moshe: 2  “Bua le sechaba sohle sa Iseraele ’me u re ho sona, ‘Le halalele hobane ’na Jehova Molimo oa lona, kea halalela.+ 3  E mong le e mong oa lona a hlomphe* ’mè oa hae le ntate oa hae+ ’me le boloke lisabatha tsa ka.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 4  Le se ke la latela melimo e se nang thuso+ kapa la iketsetsa melimo e entsoeng ka tšepe.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 5  Haeba le tlisa nyehelo ea sehlabelo se kopanetsoeng ho Jehova,+ le se nyehele ka tsela e tla etsa hore a le amohele.+ 6  Se jeoe letsatsing leo le fanang ka sona le letsatsing le hlahlamang empa se setseng ho fihlela letsatsing la boraro se lokela ho chesoa mollong.+ 7  Haeba karolo e ’ngoe ea sona e jeoa letsatsing la boraro, ke ntho e silafetseng e ke keng ea amoheleha. 8  Ea se jang o tla arabella phoso ea hae hobane o silafalitse sehlabelo se kopanetsoeng sa Jehova ’me motho eo a bolaoe har’a sechaba sa habo. 9  Ha le kotula lijalo tšimong ea lona, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lona ka ho feletseng ’me ha lea lokela ho thonaka se setseng.*+ 10  Hape, le se ke la bokella morara o setseng lirapeng tsa lona tsa morara kapa la thonaka o hasaneng. Le o siele ba futsanehileng+ le balichaba. Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 11  Le se ke la utsoa,+ le se ke la bua leshano+ hape le se ke la etsetsana bolotsana. 12  Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso+ la ka eaba le hlompholla lebitso la Molimo oa lona. Ke ’na Jehova. 13  U se ke oa etsetsa motho e mong bolotsana+ ’me u se ke oa tlatlapa.+ Ha oa lokela ho lula ka moputso oa mohiruoa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+ 14  U se ke oa rohaka* motho ea sa utloeng litsebeng kapa oa beha ntho e ka khopang sefofu,+ u lokela ho tšaba Molimo oa hao.+ Ke ’na Jehova. 15  Le ahlole ka toka. Le se ke la ba leeme ho batho ba futsanehileng kapa la nkela ba ruileng holimo.+ Le ahlole motho e mong le e mong ka toka. 16  U se ke oa tsamaea u ntse u jala mashano ka sepheo sa ho senya ba bang lebitso har’a batho ba heno.+ U se ke oa batla hore bophelo* ba motho e mong bo felisoe.*+ Ke ’na Jehova. 17  U se ke oa hloea ngoan’eno ka pelong ea hao.+ U mo khalemele+ e le hore u se ke oa ba molato oa sebe joaloka eena. 18  U se ke oa iphetetsa+ kapa oa tšoara batho ba bang ka pelo hape u rate motho e mong joalokaha u ithata.+ Ke ’na Jehova. 19  Le latele litaelo tsena tsa ka: Le se ke la kopanya liphoofolo tsa lona tse ruuoang tsa mefuta e ’meli hore li tlolelane. Le se ke la jala mefuta e ’meli ea peo masimong a lona+ ’me le se ke la apara liaparo tse entsoeng ka mefuta e ’meli ea khoele e lohelletsoeng hammoho.+ 20  Joale haeba monna a etsa thobalano le mosali ’me mosali eo e le mosebeletsi ea tšepisitsoeng monna e mong empa a e-s’o lokolloe, ba fuoe kotlo. Leha ho le joalo, ba se ke ba bolaoa hobane mosali eo o ne a e-s’o lokolloe. 21  Monna eo a tlise ramo e le nyehelo ea hae ea molato+ ho Jehova monyako oa tente ea pokano. 22  Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka ramo ea nyehelo ea molato ka pel’a Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla se tšoareloa. 23  Ha le fihla naheng eo ’me le lema sefate leha e le sefe bakeng sa lijo, le nke litholoana tsa sona e le tse sa hloekang le tse sa lokelang ho jeoa. Sefate seo se tla thibeloa* ka lilemo tse tharo bakeng sa lona. Ha sea lokela ho jeoa. 24  Empa selemong sa bone, litholoana tsohle tsa sona e tla ba tse halalelang ’me le fane ka tsona ho Jehova ka thabo.+ 25  Joale selemong sa bohlano, le ka ja litholoana tsa sona e le hore le eketse lihlahisoa lijong tsa lona tse kotutsoeng. Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 26  Le se ke la ja letho le nang le mali.+ Le se ke la batla lipontšo tsa se tlang kapa la sebelisa boselamose.+ 27  Le se ke la kuta moriri o mahlakoreng a lihlooho tsa lona kapa la senya litelu tsa lona ka mathoko.+ 28  Le se ke la iphatsetsa mofu*+ kapa la ingola ’meleng.* Ke ’na Jehova. 29  U se ke oa hlompholla morali oa hao ka ho mo etsa letekatse+ e le hore naha e se ke ea etsa botekatse ’me ea tlala boitšoaro bo bobe.+ 30  Le boloke lisabatha tsa ka+ ’me le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke ’na Jehova. 31  Le se ke la batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo+ ’me le se ke la batla keletso ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele*+ e le hore ba se ke ba le silafatsa. Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 32  U hlomphe motho ea moriri o moputsoa,+ u tlotle* motho ea tsofetseng+ ’me u tšabe Molimo oa hao.+ Ke ’na Jehova. 33  Haeba molichaba a lula le lona naheng ea lona, le se ke la mo sotla.+ 34  Molichaba ea lulang le lona a be joaloka Moiseraele har’a lona,+ le mo rate joalokaha le ithata hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 35  Le se ke la sebelisa lintho tse qhekanyetsang ha le metha bolelele, boima kapa ntho leha e le efe.+ 36  Le sebelise likala tse nepahetseng, boima bo nepahetseng, tekanyo e nepahetseng ea lintho tse ommeng* le tse metsi.*+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta. 37  Le latele litaelo tsohle tsa ka le melao eohle ea ka.+ Ke ’na Jehova.’”

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “tšabe.”
^ Kapa: “se khoahlapisoang.”
^ Kapa: “bitsetsa bomalimabe.”
^ Ka Seheberu: “mali.”
^ Kapa mohlomong: “U se ke oa ema feela ha bophelo ba motho e mong bo le kotsing.”
^ Ka Seheberu: “se tla lula se sa bolla.”
^ Kapa: “itšeha ’meleng.”
^ Kapa: “la etsa lithathu ’meleng.”
^ Ka Seheberu: “tšabe.”
^ Kapa: “mathuela.”
^ Kapa: “hlomphe.”
^ Ka Seheberu: “efa e nepahetseng.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “hine e nepahetseng.” Sheba Ntlha ea B14.