Levitike 5:1-19

  • Mefuta ea libe le linyehelo tse neng li hlokahala (1-6)

    • Ho tlaleha libe tsa ba bang (1)

  • Linyehelo tse neng li ka etsoa ke bafutsana (7-13)

  • Nyehelo ea molato ea ha motho a entse sebe a sa ikemisetsa (14-19)

5  Haeba motho a bone motho e mong a etsa sebe kapa a tsebile ka sona ’me a utloa hore ho batloa paki*+ empa a sa bue, o tla ba molato ebile o tla ikarabella ka sebe seo.  Kapa haeba motho a tšoara ntho e sa hloekang ebang ke setopo sa phoofolo e hlaha e sa hloekang, sa phoofolo e sa hloekang e ruuoang le litopo tsa libopuoa tse sa hloekang tse tsamaeang e le sehlopha,+ ha a hloeka ’me o molato le hoja a sa hlokomele.  Kapa haeba motho a tšoara motho ea sa hloekang ka phoso+ kapa ntho e sa hloekang e ka mo silafatsang ’me hamorao a tseba ka eona, o molato.  Kapa haeba motho a potlakela ho ikana hore o tla etsa ntho leha e le efe, ebang e ntle kapa e mpe ebe hamorao o hlokomela hore o ile a potlakela ho ikana o ba molato.*+  Haeba a e-ba molato mabapi le e ’ngoe ea lintho tsena, a bolele+ hore na o entse sebe ka tsela efe.  Hape a tlise nyehelo ea hae ea molato ho Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng+ e leng phoofolo e tšehali ho tsoa mohlapeng oa linku le lipoli, ebang ke konyana e tšehali kapa potsanyane e tšehali bakeng sa nyehelo ea sebe. Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tšoareloa libe.  Haeba a sa khone ho fana ka nku, a tlise maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ho Jehova e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe sa hae. Le leng e be la nyehelo ea sebe ’me le leng e be la nyehelo ea secheso.+  A a tlise ho moprista ’me moprista a hlahise la nyehelo ea sebe a be a le phunye molaleng karolong e ka pele empa a se ke a le khaola molala.  A fafatse mali a mang a nyehelo ea sebe lehlakoreng la aletare empa mali a setseng a tla ntšetsoa karolong e ka tlase ea aletare.+ Ke nyehelo ea sebe. 10  A etse nyehelo ea secheso ka le leng ho ea ka mokhoa o tloaelehileng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla tšoareloa.+ 11  Haeba a sa khone ho fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, a tlise lilithara tse ka bang peli*+ tsa phofo e sitsoeng hantle e le nyehelo ea hae ea sebe. A se ke a tšela oli ho eona kapa a beha libano tse tšoeu holim’a eona ka ha ke nyehelo ea sebe. 12  A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo eohle* ’me a etse hore e kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke nyehelo ea sebe. 13  Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka lebaka la sebe seo a se entseng ebang ke sebe le ha e le sefe ho tseo ho builoeng ka tsona ’me o tla tšoareloa.+ Se setseng nyehelong eo e tla ba sa moprista+ joalo ka nyehelong ea lijo.’”*+ 14  Jehova a re ho Moshe: 15  “Haeba motho a sa tšepahale ’me a etsa sebe a sa ikemisetsa khahlanong le lintho tse halalelang tsa Jehova,+ a tlisetse Jehova ramo e phetseng hantle e tsoang mohlapeng oa linku le lipoli e le nyehelo ea molato.+ Boleng ba eona ba silevera* bo behoa ho ea ka tekanyo* e sebelisoang sebakeng se halalelang.+ 16  A patalle sebe seo a se entseng khahlanong le sebaka se halalelang a be a eketse ka karolo e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse hlano ka holimo ho seo a lokelang ho se patala.+ A li fe moprista e le hore a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ ka ramo ea nyehelo ea molato ’me o tla tšoareloa.+ 17  Haeba motho a etsa sebe ka phoso ka hore a etse e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laetseng hore li se ke tsa etsoa, o ntse a le molato ’me o tla arabella phoso ea hae.+ 18  A tlise ramo e phetseng hantle e tsoang mohlapeng ho moprista ho ea ka boleng bo behiloeng bakeng sa nyehelo ea molato.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ka phoso ’me o tla tšoareloa. 19  Ke nyehelo ea molato. Motho eo o molato hobane o foselitse Jehova.”

Linaletsana

Ka Seheberu: “utloa lentsoe la thohako (kano).” Mohlomong ke phatlalatso e neng e etsoa mabapi le phoso e neng e akarelletsa thohako khahlanong le mofosi kapa khahlanong le paki haeba e sa tlalehe phoso eo.
Ho bonahala bothata e le hore ha a phethahatse kano ea hae.
Ka Seheberu: “Karolo ea leshome ea efa.” Efa e lekana le lilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “shekele.”