Levitike 21:1-24

  • Baprista ba lokela ho halalela ba be ba hloeke (1-9)

  • Moprista ea phahameng ha aa lokela ho itšilafatsa (10-15)

  • Baprista ha baa lokela ho ba le bothata bo itseng ’meleng (16-24)

21  Jehova a re ho Moshe: “Bua le bara ba Arone e leng baprista ’me u re ho bona, ‘Ho se ke ha e-ba le moprista ea itšilafatsang ka hore a thetse motho ea shoeleng sechabeng sa habo.+  Empa a ka itšilafatsa ka ho thetsa motho ea amanang le eena ka mali e leng ’mè oa hae, ntate oa hae, mora oa hae, morali oa hae, ngoan’abo  le ka ho thetsa ngoan’abo oa ngoanana eo e neng e le moroetsana ’me a e-s’o ka a nyaloa.  A se ke a itšilafatsa ka hore a thetse mosali ea nyetsoeng ke monna oa sechaba sa habo monna eo.  Baprista ba se ke ba ikuta moriri+ kapa ba kuta litelu tsa bona ka mathoko kapa ho itšeha ’meleng.+  Ba halalele ho Molimo oa bona+ ’me ba se ke ba silafatsa lebitso la Molimo oa bona+ hobane ke bona ba hlahisang linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo e leng bohobe* ba Molimo oa bona ’me ba halalele.+  Moprista a se ke a nyala letekatse,+ mosali ea silafalitsoeng kapa mosali ea hlaliloeng ke monna+ hobane moprista oa halalela ho Molimo oa hae.  Le nke moprista a halalela+ hobane ke eena ea hlahisang bohobe ba Molimo oa lona. A halalele ho lona hobane ’na Jehova, ea le halaletsang, kea halalela.+  Joale haeba morali oa moprista a itšilafatsa ka ho etsa botekatse, o silafatsa ntate oa hae. A chesoe ka mollo.+ 10  Moprista ea phahameng har’a baprista* e leng ea tšetsoeng ka oli e halalelang* hloohong+ ebile a khethiloe* hore a apare liaparo tsa boprista,+ a se ke a tlohela moriri oa hae o sa kangoa ebile o se makhethe kapa a tabola liaparo tsa hae.+ 11  A se ke a itšilafatsa ka hore a atamele haufi le motho ea shoeleng*+ ebang ke ntate oa hae kapa ’mè oa hae. 12  A se ke a tsoa ka sehalalelong ’me a se ke a silafatsa sehalalelo sa Molimo oa hae+ hobane pontšo ea boinehelo e leng oli e halalelang ea Molimo oa hae,+ e holim’a hae. Ke ’na Jehova. 13  A nyale moroetsana.+ 14  A se ke a nyala mohlolohali, mosali ea hlaliloeng, ea silafalitsoeng kapa letekatse empa a nyale moroetsana sechabeng sa habo hore e be mosali oa hae. 15  A se ke a silafatsa bana* ba hae sechabeng sa habo+ hobane ke ’na Jehova ea mo halaletsang.’” 16  Jehova a re ho Moshe: 17  “E-re ho Arone, ‘Ha ho le ea mong baneng* ba hao le melokong eohle ea bona ea nang le bothata bo itseng ’meleng ea ka tlang aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Molimo oa hae. 18  Haeba ho e-na le monna leha e le ofe ea nang le bothata bo itseng ’meleng, a se ke a tla aletareng e leng ea foufetseng kapa ea holofetseng kapa eo sefahleho sa hae se senyehileng* kapa eo matsoho kapa maoto a hae a fetanang, 19  ea robehileng leoto kapa letsoho, 20  ea lekhutla kapa ea bokhutšoane bo sa tloaelehang* kapa ea nang le bothata ba mahlo kapa boloetse ba letlalo kapa litlapeli kapa ea pshatlehileng makoalata.+ 21  Ha ho monna oa leloko* la moprista Arone ea nang le bothata bo itseng ’meleng ea lokelang ho ea aletareng e le hore a hlahise linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Kaha o na le bothata bo itseng ’meleng, a se ke a ea aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Molimo oa hae. 22  A ka ja bohobe ba Molimo oa hae bo tsoang linthong tse halalelang ka ho fetisisa+ le linthong tse halalelang.+ 23  Empa a se ke a tla haufi le kharetene+ hape a se ke a atamela aletare+ hobane o na le bothata bo itseng ’meleng ’me ha aa lokela ho silafatsa sehalalelo sa ka+ kaha ke ’na Jehova, ea ba* halaletsang.’”+ 24  Moshe a bolella Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle litaba tseo.

Linaletsana

Kapa: “lijo,” e leng mahlabelo.
Ka Seheberu: “bana babo.”
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Kapa: “eo letsoho la hae le neng le tlatsitsoe matla.”
Lentsoe la Seheberu ne′phesh mona le amahanngoa le lentsoe la Seheberu le bolelang “ho shoa.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “kapa ea nko e tabohileng.”
Kapa mohlomong: “ea otileng haholo ka lebaka la bokuli kapa tlala.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka baprista.