Levitike 15:1-33

  • Ho se hloeke ka lebaka la ho lutla ha litho tsa botona kapa tsa botšehali (1-33)

15  Jehova a re ho Moshe le Arone:  “Buang le Baiseraele le re ho bona, ‘Haeba setho sa botona* sa monna se lutla, ho lutla hoo ho etsa hore a se ke a hloeka.+  Ha aa hloeka ka lebaka la ho lutla ebang ho lutla ho tsoa sethong sa hae sa botona kapa se thibane, o ntse a sa hloeka.  Bethe leha e le efe eo monna eo setho sa hae se lutlang a robalang ho eona, e tla lula e sa hloeka le ntho leha e le efe eo a lulang ho eona e tla lula e sa hloeka.  Motho ea thetsang bethe ea monna eo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+  Mang kapa mang ea lulang holim’a ntho eo monna ea lutlang a neng a lutse holim’a eona, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.  Mang kapa mang ea thetsang monna ea lutlang a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.  Haeba monna eo a tšoela motho ea hloekileng ka mathe, motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.  Sale leha e le efe eo monna ea lutlang a lulang holim’a eona ha a palame phoofolo, e tla lula e sa hloeka. 10  Motho ea thetsang ntho leha e le efe eo monna eo a neng a lutse holim’a eona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea ’me motho ea nkang lintho tseo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 11  Haeba monna eo ea lutlang+ a sa hlapa matsoho ka metsi ’me a thetsa motho e mong, motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 12  Sejana leha e le sefe sa letsopa seo monna eo ea lutlang a se tšoarang, se pshatloe empa sa lepolanka se hlatsuoe ka metsi.+ 13  Haeba ho lutla ho emisa ’me monna eo a hloeka, a bale matsatsi a supileng bakeng sa tlhoekiso ea hae, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi a sa tsoa khuoa ’me o tla hloeka.+ 14  Letsatsing la borobeli, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ’me a tle monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova, a a fe moprista. 15  Moprista a fane ka ’ona e le nyehelo, le leng e le nyehelo ea sebe ’me le leng e le nyehelo ea secheso ’me moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka pel’a Jehova mabapi le ho lutla ha hae. 16  Haeba monna a tsoa peo, a hlatsoe ’mele oohle oa hae ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 17  Seaparo leha e le sefe le ntho leha e le efe e entsoeng ka letlalo e tšetsoeng ke peo, a e hlatsoe ka metsi ’me e tla lula e sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 18  Ha monna a robala le mosali ’me a ntša peo, ba itlhatsoe ka metsi ’me ba tla lula ba sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 19  Haeba mosali a le matsatsing, o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+ Mang kapa mang ea mo thetsang o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 20  Ntho leha e le efe eo a robalang holim’a eona ha a le matsatsing e tla lula e sa hloeka ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a lulang holim’a eona e tla lula e sa hloeka.+ 21  Mang kapa mang ea thetsang bethe ea mosali eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 22  Mang kapa mang ea thetsang ntho leha e le efe eo mosali eo a neng a lutse holim’a eona, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 23  Haeba mang kapa mang a thetsa bethe kapa ntho leha e le efe eo mosali eo a neng a lutse holim’a eona, o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 24  Haeba monna a robala le mosali eo ebe o silafatsoa ke mali a ho ba matsatsing ha mosali eo,+ monna eo o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng ’me bethe leha e le efe eo monna eo a robalang ho eona e tla lula e sa hloeka. 25  Ha mosali a le matsatsing ka matsatsi a mangata+ ’me e se nako ea hae e tloaelehileng+ kapa a ea nako e telele ho feta nako e tloaelehileng, o tla lula a sa hloeka nako eohle ea ha a le matsatsing joalokaha a sa hloeka nakong e tloaelehileng ha a le matsatsing. 26  Bethe leha e le efe eo a robalang ho eona ha a le matsatsing e tla lula e sa hloeka joaloka bethe ea hae eo a robalang ho eona ha a le matsatsing+ ’me ntho leha e le efe eo a lulang holim’a eona ha a le matsatsing e tla lula e sa hloeka. 27  Mang kapa mang ea li thetsang o tla lula a sa hloeka ’me a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 28  Leha ho le joalo, haeba a emisitse ho ea matsatsing, a ipalle matsatsi a supileng ho tloha letsatsing leo a emisitseng ho ea matsatsing ka lona ’me ka mor’a moo o tla hloeka.+ 29  Letsatsing la borobeli, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ’me a a tlise monyako oa tente ea pokano ho moprista.+ 30  Moprista a etse le leng nyehelo ea sebe ’me le leng e be nyehelo ea secheso, moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka pel’a Jehova malebana le ho se hloeke ha hae ha a le matsatsing.+ 31  Le thuse Baiseraele e le hore ba hloeke ’me ba se ke ba shoa ka lebaka la ho silafatsa tabernakele ea ka e leng har’a bona.+ 32  Ona ke molao mabapi le monna eo setho sa hae sa botona se lutlang, monna ea sa hloekang hobane a tsoa peo,+ 33  mosali ea sa hloekang ka lebaka la ho ba matsatsing,+ monna kapa mosali ea lutlang ’meleng oa hae+ le monna ea robalang le mosali ea sa hloekang.’”

Linaletsana

Ka Seheberu: “nameng ea hae.”