Levitike 8:1-36
-
Ho hlomamisoa ha baprista ba leloko la Arone (1-36)
8 Jehova a re ho Moshe:
2 “Tsamaea le Arone le bara ba hae,+ u nke liaparo,+ oli e halalelang,*+ poho ea nyehelo ea sebe, liramo tse peli le baskete ea mahobe a se nang tomoso+
3 ’me u bitse sechaba sohle hore se bokane monyako oa tente ea pokano.”
4 Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse ’me sechaba sa bokana monyako oa tente ea pokano.
5 Moshe a re ho sechaba: “Ena ke ntho eo Jehova a re laetseng eona.”
6 Moshe a atametsa Arone le bara ba hae ’me a ba hlatsoa ka metsi.+
7 Ka mor’a moo, a apesa Arone seaparo se selelele+ eaba o mo tlama ka lebanta.+ A mo apesa le seaparo se se nang matsoho+ eaba o mo apesa efoda*+ ’me o e tlama ka lebanta le lohiloeng+ la efoda, a le tlamella ho eena ka thata.
8 A mo apesa mokotlana oa sefuba+ ’me a kenya Urime le Thumime+ ka har’a oona.
9 A mo roesa tuku+ ’me karolong e ka pele ea tuku a beha lesenke le benyang la khauta e le pontšo e halalelang ea boinehelo*+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
10 Moshe a nka oli e halalelang, a tlotsa tabernakele le lintho tsohle tse ka ho eona+ ’me a li halaletsa.
11 A fafatsa e ’ngoe ea eona ka makhetlo a supileng aletareng eaba o tlotsa aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona, beisine le seluloana sa eona e le hore a li halaletse.
12 Qetellong a tšela Arone hloohong ka e ’ngoe ea oli e halalelang eaba oa mo tlotsa e le hore a mo halaletse.+
13 Moshe a atametsa bara ba Arone, a ba apesa liaparo tse telele tsa ka holimo ’me a ba tlama ka mabanta eaba o ba roesa* masela a roaloang hloohong+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.
14 A tlisa poho ea nyehelo ea sebe ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea poho eo.+
15 Moshe a e hlaba ’me a khoatha mali+ ka monoana eaba o a tlotsa manakeng a aletare mahlakoreng ’ohle, a hloekisa aletare sebeng. Mali a mang kaofela a a tšela karolong e ka tlase ea aletare, e le hore a e halaletse hore ho tle ho etsoe sehlabelo sa ho tšoareloa libe holim’a eona.
16 Moshe a nka mafura ’ohle a holim’a mala, karolo e mafura ea sebete, liphio tse peli le mafura a tsona eaba o etsa hore li kubelle aletareng.+
17 A nka poho eohle e setseng, letlalo la eona, nama ea eona le bolokoe ba eona ’me a li chesetsa ka ntle ho liahelo+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.
18 A atametsa ramo ea nyehelo ea secheso ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea eona.+
19 Moshe a e hlaba ’me a fafatsa mali mahlakoreng ’ohle a aletare.
20 A khabela ramo likotoana ’me a etsa hore hlooho, likotoana le mafura a potolohileng liphio* li kubelle.
21 Moshe a hlatsoa mala le litlhakoana ka metsi ’me a etsa hore ramo kaofela e kubelle aletareng. E ne e le nyehelo ea secheso e monko o monate.* E ne e le nyehelo e chesetsoang Jehova feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.
22 A tlisa ramo ea bobeli e leng ea tlhomamiso+ ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea eona.+
23 Moshe a e hlaba eaba o nka mali a mang a eona ’me o a tlotsa ntlheng ea tsebe e tona ea Arone le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto la hae le letona.
24 Ka mor’a moo, Moshe a atametsa bara ba Arone eaba o ba tlotsa ka mali lintlheng tsa litsebe tsa bona tse tona le menoaneng e metona ea matsoho a bona a matona le menoaneng e metona ea maoto a bona a matona. A fafatsa mali a mang kaofela mahlakoreng ’ohle a aletare.+
25 A nka mafura, mohatla o mafura, mafura ’ohle a holim’a mala, karolo e mafura ea sebete, liphio tse peli le mafura a tsona le leoto le letona.+
26 Ka har’a baskete ea bohobe bo se nang tomoso bo neng bo le ka pel’a Jehova, a ntša bohobe bo le bong bo selikalikoe bo lesoba hare bo se nang tomoso,+ bohobe bo le bong bo selikalikoe bo lesoba hare bo nang le oli+ le sephaphatha se le seng. A li beha holim’a likarolo tse mafura le holim’a leoto le letona.
27 Ka mor’a moo, kaofela ha tsona a li beha holim’a liatla tsa Arone le liatla tsa bara ba hae eaba o li tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.
28 Moshe a li nka matsohong a bona eaba o etsa hore li kubelle aletareng holim’a nyehelo ea secheso. E ne e le sehlabelo sa tlhomamiso se monko o monate.* E ne e le nyehelo e chesetsoang Jehova.
29 Moshe a nka sefuba ’me a se tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ E ile ea e-ba kabelo ea Moshe e tsoang ramong ea tlhomamiso feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.+
30 Moshe a nka e ’ngoe ea oli e halalelang+ le a mang a mali a holim’a aletare eaba o fafatsa Arone le liaparo tsa hae ka tsona. A boela a fafatsa bara ba hae le liaparo tsa bona. Ka lebaka leo, a halaletsa Arone le liaparo tsa hae le bara ba hae+ le liaparo tsa bona.+
31 Moshe a re ho Arone le bara ba hae: “Phehang+ nama monyako oa tente ea pokano. Le e jelle moo le bohobe bo ka basketeng ea tlhomamiso feela joalokaha ke filoe taelo e reng, ‘Arone le bara ba hae ba e je.’+
32 Nama le bohobe tse setseng le li chese ka mollo.+
33 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano ka matsatsi a supileng, ho fihlela matsatsi a tlhomamiso ea lona a felile hobane ho tla nka matsatsi a supileng ho le beha hore le be baprista.*+
34 Jehova o laetse hore re etse seo re se entseng kajeno e le ho le etsetsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+
35 Le lule monyako oa tente ea pokano bosiu le motšehare ka matsatsi a supileng+ ’me le etse seo Jehova a le laetseng sona+ e le hore le se ke la shoa hobane ke laetsoe joalo.”
36 Arone le bara ba hae ba etsa lintho tsohle tseo Jehova a neng a li laetse Moshe.
Linaletsana
^ Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
^ Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
^ Kapa: “e le korone e halalelang.”
^ Kapa: “tlama ka.”
^ Kapa: “mohlehlo.”
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “ho tlatsa matsoho a lona.”

