Levitike 16:1-34

  • Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe (1-34)

16  Jehova a bua le Moshe ka mor’a lefu la bara ba babeli ba Arone ba shoeleng ka lebaka la ho atamela Jehova ka tsela eo a sa e amoheleng.+  Jehova a re ho Moshe: “Bolella abuti oa hao Arone hore a se ke a tla sebakeng se halalelang+ ka har’a kharetene+ ka pel’a sekoahelo se Arekeng neng kapa neng ha a batla e le hore a se ke a shoa+ hobane ke tla hlaha holim’a sekoahelo+ ka leru.+  Ha Arone a tla sebakeng se halalelang, a tle le lintho tse latelang: Pohoana bakeng sa nyehelo ea sebe+ le ramo bakeng sa nyehelo ea secheso.+  A apare seaparo se selelele sa ka holimo se halalelang sa line+ ’me borikhoe bo bokhutšoanyane* ba line+ bo koahele ’mele* oa hae, a itlame ka lebanta la line+ ’me hloohong a ithatele ka tuku ea line.+ Ke liaparo tse halalelang.+ A itlhatsoe ka metsi+ ebe oa li apara.  Sechaba sa Baiseraele se mo fe+ lipoli tse peli tse tona tse nyenyane bakeng sa nyehelo ea sebe le ramo e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea secheso.  Joale Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe bakeng sa hae ’me o tla etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa hae+ le ba lelapa la hae.  A nke lipoli tseo tse peli ’me a li emise ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano.  Arone a lahle lotho bakeng sa lipoli tseo tse peli, lotho e ’ngoe bakeng sa Jehova le lotho e ’ngoe bakeng sa Azazele.*  Arone a hlahise poli eo lotho e oetseng ho eona+ bakeng sa Jehova ’me a e etse nyehelo ea sebe. 10  Empa poli eo lotho e oetseng ho eona bakeng sa Azazele e tlisoe e phela ka pel’a Jehova e le hore ho etsetsoe sehlabelo sa ho tšoareloa libe holim’a eona hore e romeloe lefeelleng+ bakeng sa Azazele. 11  Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe bakeng sa hae e le hore libe tsa hae le tsa ba lelapa la hae li ka tšoareloa. Ka mor’a moo, a hlabe poho ea nyehelo ea sebe bakeng sa hae.+ 12  Joale a nke pane ea mollo+ e tletseng mashala a tukang ho tsoa aletareng+ ka pel’a Jehova le libano tse sitsoeng hantle tse nkhang hamonate+ tse tletseng liatla tse peli ’me o tla li tlisa ka har’a kharetene.+ 13  A boele a tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova+ ’me mosi oa libano o tla koahela sekoahelo sa Areka+ se holim’a Bopaki+ e le hore a se ke a shoa. 14  A nke a mang a mali+ a poho a a fafatse ka monoana ka pel’a sekoahelo se lehlakoreng le ka bochabela. A etse sena ka makhetlo a supileng.+ 15  A hlabe poli ea nyehelo ea sebe bakeng sa sechaba+ ’me a tlise mali a eona ka har’a kharetene+ ’me ka mali a eona+ a etse se tšoanang le seo a se entseng ka mali a poho, a a fafatse ka pel’a sekoahelo. 16  A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sebaka se halalelang ka lebaka la liketso tsa ho se hloeke tsa Baiseraele le ka lebaka la litlolo le libe tsa bona.+ Ke seo a lokelang ho se etsa bakeng sa tente ea pokano e har’a Baiseraele ba etsang lintho tse sa hloekang. 17  Ha ho motho e mong ea lokelang ho ba ka har’a tente ea pokano ho tloha nakong eo a kenang ho ea etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe sebakeng se halalelang ho fihlela a tsoa. A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe molemong oa hae le oa ntlo ea hae+ le molemong oa sechaba sohle sa Iseraele.+ 18  Ka mor’a moo, a tsoe a ee aletareng+ e ka pel’a Jehova, a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sechaba ’me a nke mali a poho le mali a poli, a a tlotse manakeng a aletare mahlakoreng ’ohle. 19  A boele a fafatse a mang a mali holim’a eona ka monoana ka makhetlo a supileng ’me a e hloekise liketsong tse sa hloekang tsa Baiseraele. 20  Ha a qetile ho etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ bakeng sa sebaka se halalelang, bakeng sa tente ea pokano le bakeng sa aletare,+ a hlahise le poli e phelang.+ 21  Arone a behe matsoho a hae hloohong ea poli e phelang ’me a bolele liphoso tsohle tsa Baiseraele le melato eohle ea bona le libe tsohle tsa bona holim’a eona, a li behe hloohong ea poli+ ’me motho ea khethiloeng a e lokolle hore e ee lefeelleng. 22  Poli eo e tla jara liphoso tsohle tsa bona+ ’me o tla e lokolla hore e ee lefeelleng.+ 23  Arone a kene ka tenteng ea pokano ’me a hlobole liaparo tsa line tseo a ileng a li apara ha a kena sebakeng se halalelang ’me a li behe fatše moo. 24  A itlhatsoe ka metsi+ sebakeng se halalelang ’me a apare liaparo tsa hae.+ A tsoe ’me a fane ka nyehelo ea hae ea secheso+ le nyehelo ea secheso ea sechaba+ ’me a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe molemong oa hae le oa sechaba.+ 25  A etse hore mafura a nyehelo ea sebe a kubelle aletareng. 26  Motho ea ileng a lokolla poli hore e tsamaee bakeng sa Azazele,+ a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi. Ka mor’a moo, a ka kena liahelong. 27  Poho ea nyehelo ea sebe le poli ea nyehelo ea sebe, tseo mali a tsona a ileng a tlisoa sebakeng se halalelang e le ho etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe, li ntšetsoe ka ntle ho liahelo ’me matlalo a tsona le nama ea tsona le bolokoe ba tsona li chesoe.+ 28  Motho ea li chesang a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi. Ka mor’a moo, a ka kena liahelong. 29  Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona: Ka letsatsi la leshome la khoeli ea bosupa, le bontše hore le utloile bohloko* ’me le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe,+ ho sa tsotellehe hore na motho ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke molichaba ea lulang le lona. 30  Letsatsing lena ho etsoe sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ bakeng sa lona e le hore ho boleloe hore le hloekile. Le tla hloeka libeng tsohle tsa lona ka pel’a Jehova.+ 31  Ke sabatha ea lona ea ho phomola ka ho feletseng ’me le lokela ho bontša hore le utloile bohloko.+ Ke taelo e tla lula e le teng. 32  Moprista ea tlotsitsoeng+ le ea khethiloeng* hore a sebeletse e le moprista+ sebakeng sa ntate oa hae,+ a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ’me a apare liaparo tsa line+ e leng liaparo tse halalelang.+ 33  A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sehalalelo,+ tente ea pokano+ le aletare+ hape a etsetse baprista le sechaba sohle sa Iseraele sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+ 34  Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona+ e le ho etsetsa Baiseraele sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsohle tsa bona hanngoe ka selemo.”+ Kahoo, Arone a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

Linaletsana

Kapa: “ ’me liaparo tsa ka hare.”
Kapa: “nama e hlobotseng.”
Mohlomong e bolela “Poli e Nyamelang.”
Taba ena e ka bolela mekhoa e fapaneng ea ho itima lintho tse itseng, e akarelletsang ho itima lijo.
Ka Seheberu: “le eo letsoho la hae le tla tlatsoa matla.”