Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme

KE SEHLOOHO sefe se neng se ka tšoanela buka ea Bibele eo karolo e khōlō ea eona e leng lithoriso tse eang ho ’Mōpi oa rōna, e leng Jehova Molimo? Lebitso le loketseng ka ho fetisisa e ne e tla ba Lipesaleme, kapa Lithoriso. Buka ena e telele ka ho fetisisa ea Bibele e na le lipina tse qapiloeng ka bokheleke tse buang ka litšobotsi tse babatsehang tsa Molimo le ka liketso tse matla ebile e bua ka boprofeta bo bongata. Boholo ba lipina tsena bo hlalosa tsela eo bangoli ba tsona ba neng ba ikutloa ka eona ha ba ne ba le mahlomoleng. Seo ba se buileng se akaretsa nako ea lilemo tse ka bang sekete—ho tloha mehleng ea moprofeta Moshe ho isa linakong tsa ka mor’a botlamuoa. Bangoli ba tsona e ne e le Moshe, Morena Davida le ba bang. Ho lumeloa hore moprista Esdrase ke eena ea ileng a hlophisa buka ena hore e be kamoo e leng kateng hona joale.

Ho tloha mehleng ea khale, buka ea Lipesaleme e ’nile ea aroloa ka likarolo tse hlano tsa lipina: (1) Pesaleme ea 1-41, (2) Pesaleme ea 42-72, (3) Pesaleme ea 73-89, (4) Pesaleme ea 90-106, le (5) Pesaleme ea 107-150. Sehloohong sena ho tšohloa karolo ea pele. Lipesaleme tsohle, ntle ho tse tharo feela tse leng karolong ena, li ngotsoe ke Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo. Ha ho tsejoe hore na ke bo-mang ba qapileng Pesaleme ea 1, ea 10 le ea 33.

“MOLIMO OA KA KE LEFIKA LA KA”

(Pesaleme ea 1:1–24:10)

Ka mor’a hore pesaleme ea pele e phatlalatse hore ho thaba motho ea thabelang molao oa Jehova, pesaleme ea bobeli eona e bua ka ho toba ka ’Muso. * Lipesaleme tsena li bua haholo ka likōpo tse lebisoang ho Molimo. Ka mohlala, ho Pesaleme ea 3-5, 7, 12, 13 le ea 17, ho buuoa ka likōpo tsa ho lopolloa lireng. Pesaleme ea 8 e totobatsa boholo ba Jehova ha bo bapisoa le bonyenyane ba motho.

Ha Davida a hlalosa hore Jehova ke Mosireletsi oa batho ba hae, o ile a bina a re: “Molimo oa ka ke lefika la ka. Ke tla tšabela ho eena.” (Pesaleme ea 18:2) Ho Pesaleme ea 19 Jehova o rorisoa hobane e le ’Mōpi le Mofani oa Molao, ’me ho Pesaleme ea 20 e le Mopholosi, ho Pesaleme ea 21 e le Mopholosi oa Morena oa hae ea tlotsitsoeng. Pesaleme ea 23 e mo hlalosa e le Molisa e Moholo, ha Pesaleme ea 24 eona e mo hlalosa e le Morena ea khanyang.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:1, 2—“Ntho ea lefeela” eo lichaba li ntseng li e honotha ke efe? “Ntho ea lefeela” ke hore mebuso ea batho e lula e amehile ka ho ntšetsa pele bolaoli ba eona. Ntho ena ke lefeela hobane joang kapa joang morero oa eona o ke ke oa atleha. Na ruri lihlopha tsa lichaba li nahana hore li tla atleha ha li ema “khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae”?

2:7—“Molao-taelo oa Jehova” ke eng? Molao-taelo ona ke selekane bakeng sa ’Muso, seo Jehova a se entseng le Mora oa hae ea ratoang, e leng Jesu Kreste.—Luka 22:28, 29.

2:12—Babusi ba lichaba ba ka ‘aka mora’ joang? Mehleng ea Bibele, ho aka e ne e le pontšo ea botsoalle le botšepehi. E ne e le tsela eo baeti ba neng ba amoheloa ka eona. Marena a lefatše a laeloa hore a ake Mora—ke hore, a mo amohele e le Morena oa Bomesia.

3:sehloohoana—Morero oa sehlooho se ngotsoeng lipesalemeng tse ling ke ofe? Ka linako tse ling sehlooho sena se bolela hore na mongoli ke mang le/kapa se fana ka boitsebiso bo mabapi le maemo ao pesaleme eo e ileng ea qaptjoa ho ’ona, joaloka Pesaleme ea 3. Hape sehloohoana sena se ka ’na sa hlalosa morero oa pina e itseng kapa tšebeliso ea eona (Pesaleme ea 4 le ea 5) hammoho le litaelo tsa ’mino (Pesaleme ea 6).

3:2“Selah” ke eng? Ka kakaretso ho nahanoa hore lentsoe lena le emela khefu eo motho a e etsang ha a thuisa a thotse, ebang ke ha ho binoa feela kapa ke ha ho binoa ebile ho bapaloa liletsa. Khefu ena e ne e etsetsoa ho hatisa mohopolo kapa boikutlo ba pina. Ha ho hlokahale hore lentsoe lena le balloe holimo ha Lipesaleme li baloa phatlalatsa.

11:3—Ke metheo efe e qhaqhoang? Ena ke metheo eo batho ba itšetlehileng ka eona—e leng molao, taolo le toka. Ha e ka ferekana, ho ba le pherekano feela sechabeng ’me toka e ba sieo. Maemong ao, “mang kapa mang ea lokileng” o lokela ho tšepa Molimo ka botlalo.—Pesaleme ea 11:4-7.

21:3—“Moqhaka oa khauta e hloekisitsoeng” o bontša eng? Ha hoa boleloa hore na ebe moqhaka ona e ne e le oa sebele kapa o ne o tšoantšetsa thoriso e eketsehileng eo Davida a ileng a e fumana ka lebaka la liketso tsa hae tse ngata tsa tlhōlo. Leha ho le joalo, temana ena ke boprofeta bo buoang ka moqhaka oa borena oo Jehova a ileng a o fa Jesu ka 1914. Hore ebe moqhaka ona o entsoe ka khauta ho bontša hore puso ea hae ke ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa.

22:1, 2—Ebe mohlomong ke hobane’ng ha Davida a ile a nahana hore Jehova o ne a mo tlohetse? Davida o ne a le khatellong e matla ka lebaka la lira tsa hae hoo ‘pelo ea hae e ileng ea e-ba joaloka boka ba linotši eaba e qhibilihela tlaase lithong tsa hae tse ka hare.’ (Pesaleme ea 22:14) Ho ne ho ka ’na ha bonahala eka Jehova o ne a mo tlohetse. Jesu le eena o ile a ikutloa joalo ha a ne a khokhothetsoe thupeng. (Matheu 27:46) Mantsoe a Davida a bontša tsela ea tlhaho eo a ileng a itšoara ka eona ha a ne a le boemong bo sithabetsang. Leha ho le joalo, thapelong ea hae e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 22:16-21, ho totobetse hore Davida o ne a sa felloa ke tumelo ho Molimo.

Seo re Ithutang Sona:

1:1. Re lokela ho qoba ho tloaelana le batho ba sa rateng Jehova.—1 Bakorinthe 15:33.

1:2. Re lokela ho nahana ka litaba tsa moea letsatsi le leng le le leng.—Matheu 4:4.

4:4. Ha re halefile, ke bohlale hore re laole maleme a rōna e le hore re se ke ra bua ntho eo re tla ikoahlaela eona hamorao.—Baefese 4:26.

4:5. Mahlabelo a rōna a moea e ba “mahlabelo a ho loka” hafeela a etsoa ka sepheo se nepahetseng ebile boitšoaro ba rōna bo lumellana le melao ea Jehova.

6:5. Na ebe ho na le lebaka le molemo ho feta lee la hore re batle ho tsoela pele re phela?—Pesaleme ea 115:17.

9:12. Jehova o batla tšollo ea mali e le hore a otle ba molato oa mali, empa o hopola “mohoo oa ba hlorileng.”

15:2, 3; 24:3-5. Barapeli ba ’nete ba lokela ho bua ’nete ’me ba qobe ho etsa likano tsa bohata le ketselletso.

15:4. Ntle le haeba re ka hlokomela hore re entse tšepiso e sa lumellaneng le Mangolo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho phetha seo re se buileng, esita le haeba ho le thata haholo ho etsa joalo.

15:5. Joaloka barapeli ba Jehova, re lokela ho qoba ho sebelisa chelete hampe.

17:14, 15. “Batho ba tsamaiso ena ea lintho” ba phelela ho ba le mokhoa o phahameng oa bophelo, ho ba le bana le ho siea lefa. Ntho eo Davida a neng a hlile a amehile ka eona bophelong e ne e le ho iketsetsa lebitso le letle le Molimo e le hore a ‘bone sefahleho sa hae,’ kapa a amoheloe ke Jehova. Ha Davida a ne a ‘tsoha’ hore a bone litšepiso tsa Jehova le mantsoe a Hae a kholisang, o ne a tla ikutloa a ‘khotsofetse ha a bona sebōpeho sa Hae,’ kapa o ne a tla thabela hore ebe Jehova o na le eena. Joaloka Davida, na le rōna ha rea lokela ho nahana haholo ka matlotlo a moea?

19:1-6. Haeba pōpo e sa bueng le e sa nahaneng e rorisa Jehova, na rōna batho ba khonang ho nahana, ho bua le ho rapela ha rea lokela ho mo rorisa haholoanyane?—Tšenolo 4:11.

19:7-11. Melao ea Jehova—e re ruisa molemo hakaakang!

19:12, 13. Liphoso le liketso tsa ho iketelletsa pele ke libe tseo re lokelang ho li qoba.

19:14. Ha rea lokela ho ameha feela ka seo re se etsang empa re lokela ho ameha le ka seo re se buang le seo re se nahanang.

“U NTŠEHELITSE KA LEBAKA LA BOTŠEPEHI BA KA”

(Pesaleme ea 25:1–41:13)

Lipesalemeng tsa pele tse peli tse leng sehlopheng sena, ka sebele Davida o bolela takatso ea hae e tlohang pelong le boikemisetso bo matla ba hore o tla lula a tšepahala! Ha a bina o re: “Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka.” (Pesaleme ea 26:11) Ha a ne a rapela hore a tšoareloe libe, o ile a lumela: “Ha ke ne ke khutsitse masapo a ka a ile a khathala ka lebaka la ho bobola ha ka letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 32:3) Davida o ile a tiisetsa batho ba Jehova ba tšepahalang a re: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.”—Pesaleme ea 34:15.

Keletso e fanoeng Pesalemeng ea 37 e ile ea tsoela Baiseraele molemo hakaakang, ’me le rōna e re tsoela molemo haholo, joalokaha re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho! (2 Timothea 3:1-5) Ha Pesaleme ea 40:7, 8 e profeta ka Jesu Kreste, e re: “Bona, ke tlile, moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na. Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” Pesaleme ea ho qetela sehlopheng sena e bua ka Davida ha a ne a kōpa Jehova hore a mo thuse lilemong tse sithabetsang tsa ka mor’a hore a etse sebe le Bathe-sheba. Oa bina: “Ha e le ’na, u ntšehelitse ka lebaka la botšepehi ba ka.”—Pesaleme ea 41:12.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

26:6—Joaloka Davida, re pota aletare ea Jehova ka tšoantšetso joang? Aletare e emela thato ea Jehova ka kutloisiso ea hore o amohela sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste bakeng sa ho lopolla batho. (Baheberu 8:5; 10:5-10) Re pota aletare ea Jehova ka ho bontša tumelo sehlabelong seo.

29:3-9—Ho tšoantša lentsoe la Jehova le sefefo sa lia-luma se tšosang ha se tsamaea ho bontša eng? Ho bontša matla a tšabehang a Jehova!

31:23—Motho ea ikhohomosang o putsoa ka mokhoa o fetisisang joang? Moputso oo ho buuoang ka oona mona ke kotlo. Ea lokileng o fumana moputso oa taeo e tsoang ho Jehova ka lebaka la liphoso tseo a li entseng e se ka boomo. Kaha motho ea ikhohomosang ha a bakele tsela ea hae e fosahetseng, o putsoa ka mokhoa o fetisisang ka kotlo e matla.—Liproverbia 11:31; 1 Petrose 4:18.

33:6—“Moea” oa molomo oa Jehova ke eng? Moea ona ke matla a sebetsang a Molimo, kapa moea o halalelang, oo a ileng a o sebelisa ha a bōpa maholimo a sebele. (Genese 1:1, 2) O bitsoa moea oa molomo oa hae hobane, joaloka phefumoloho e matla, o ka romeloa sebakeng se hōle hore o e’o etsa lintho tse itseng.

35:19—Davida o ne a bolela’ng ha a kōpa hore ba mo hloileng ba se ke ba mo robela leihlo? Ho roba leihlo ho ne ho tla bontša hore lira tsa Davida li ne li tla thabela hore ebe li atlehile mererong ea tsona e lonya. Davida o ile a kōpa hore sena se se ke sa etsahala.

Seo re Ithutang Sona:

26:4. Re lokela ho qoba ho tloaelana le batho ba patang seo ba leng sona lipuisanong tseo bohle ba kopanelang ho tsona Inthaneteng, bao sekolong kapa mosebetsing ka bolotsana ba iketsang eka ke metsoalle ea rōna, bakoenehi ba iketsang eka baa tšepahala, hammoho le batho ba phelang bophelo ba boikaketsi.

26:7, 12; 35:18; 40:9. Re lokela ho rorisa Jehova phatlalatsa libokeng tsa Bokreste.

26:8; 27:4. Na re nka ho ea libokeng tsa Bokreste e le ntho ea bohlokoa?

26:11. Ha Davida a hlalosa boikemisetso ba hae ba hore o tla lula a tšepahala, o ile a boela a kōpa hore a lopolloe. Ka sebele, re ka khona ho lula re tšepahala ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna.

29:10. Ka ho lula holim’a “moroallo,” Jehova o bontša hore o khona ho laola matla a hae ka ho feletseng.

30:5. Tšobotsi e ka sehloohong ea Jehova ke lerato—e seng bohale.

32:9. Jehova ha a batle hore re tšoane le ’moulo kapa esele e mamelang ka lebaka la ho laoloa ka tōmo kapa ka sephali. Ho e-na le hoo, o lakatsa hore re ikhethele ho mo mamela hobane re utloisisa thato ea hae.

33:17-19. Ha ho tsamaiso ea batho, ho sa tsotellehe hore na e matla hakae, e ka tlisang poloko. Re lokela ho tšepa Jehova le tokisetso ea hae ea ’Muso.

34:10. Ee ke khothatso e matla hakaakang ho ba etelletsang pele lintho tse amanang le ’Muso bophelong ba bona!

39:1, 2Ha batho ba khopo ba batla boitsebiso boo ba ka bo sebelisang ho lematsa balumeli-’moho le rōna, re lokela ho ‘beha ntho e tlamang melomong ea rōna’ ’me re ithōlele.

40:1, 2Ho tšepa Jehova ho ka re thusa hore re sebetsane ka katleho le khatello ea maikutlo joalokaha eka re ‘nyolloa ka sekoting sa metsi a hoasang, tebetebeng ea seretse.’

40:5, 12. Ha ho litlokotsi kapa mefokolo, ho sa tsotellehe hore na li ngata hakae, tse ka re sithabetsang haeba re ka lula re hopola hore litlhohonolofatso tsa rōna ‘li ngata ho feta kamoo re ka li phetang.’

“Ho Bokoe Jehova”

Ka sebele sehlopha sa pele sa lipesaleme tse 41 sea tšelisa ebile sea khothatsa! Ebang re feta litekong kapa re jeoa ke letsoalo le molato, karolo ena ea Lentsoe le matla la Molimo ea re matlafatsa ebile ea re khothatsa. (Baheberu 4:12) Lipesaleme tsena li fupere boitsebiso bo fanang ka tataiso ea bohlokoa bophelong. Re tiisetsoa khafetsa hore ho sa tsotellehe mathata ao re fetang ho ’ona, Jehova a ke ke a re lahla.

Sehlopha sena sa pele sa lipesaleme se phethela ka mantsoe a reng: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Amen le Amen.” (Pesaleme ea 41:13) Ka mor’a ho hlahloba sehlopha sena sa pele sa lipesaleme, na ha re susumelletsehe ho boka Jehova, kapa ho mo rorisa?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Pesaleme ea 2 e ile ea phethahala ka lekhetlo la pele mehleng ea Davida.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Haeba pōpo e sa pheleng e rorisa Jehova, rōna re lokela ho mo rorisa haholo hakaakang!

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Davida o ile a qapa karolo e khōlō ea lipesaleme tsa pele tse 41

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na ua tseba hore na ke pesaleme efe e tšoantšetsang Jehova e le Molisa e Moholo?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Letsatsi le se ke la feta u sa ka ua nahana ka litaba tsa moea

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]

Stars: Courtesy United States Naval Observatory

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

Stars, pages 18 and 19: Courtesy United States Naval Observatory

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

Stars: Courtesy United States Naval Observatory