Kosepele ea Matheu 27:1-66
27 Hoseng, baprista bohle ba baholo le baholo ba sechaba ba rerisana hore ba bolaee Jesu.+
2 Ba mo fasa, ba mo khanna eaba ba mo isa ho ’musisi Pilato.+
3 Joale ha Judase ea mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotsoe, a itšoabela eaba o khutlisetsa likotoana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+
4 “Ke entse sebe ka ho rekisa* motho ea se nang molato.” Ba re: “Joale rona re kena kae? Ke taba ea hao.”
5 Eaba o akhela likotoana tsa silevera ka tempeleng, a tsamaea ’me a iphanyeha.+
6 Empa baprista ba baholo ba nka likotoana tseo tsa silevera ba re: “Molao ha o lumelle hore li tšeloe ka polokelong ea matlotlo e halalelang hobane li khenathetse* mali a motho.”
7 Ka mor’a hore ba buisane, ba sebelisa chelete eo ho reka tšimo ea motho ea bopang ka letsopa, hore e be moo ba patelang balichaba teng.
8 Ka hona, tšimo eo ea bitsoa Tšimo ea Mali+ ho fihlela letsatsing lena.
9 Joale ha phethahala mantsoe a ileng a buuoa ke moprofeta Jeremia a reng: “Ba nka likotoana tsa silevera tse 30 e leng theko eo Baiseraele ba lumellaneng ho e patala bakeng sa hae,
10 ba fana ka tsona hore ba reke tšimo ea sebopi, ho ea kamoo Jehova* a neng a ntaetse kateng.”+
11 Jesu a ema ka pel’a ’musisi. ’Musisi a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke eena.”*+
12 Empa ha aa ka a araba ha a ntse a qosoa ke baprista ba baholo le baholo.+
13 Pilato a re ho eena: “Na oa utloa hore na ba u qosa ka lintho tse ngata hakae?”
14 Empa ha aa ka a mo araba leha e le ka lentsoe le le leng, hoo ’musisi a ileng a makala haholo.
15 Ha e le Paseka, ’musisi o ne a tloaetse ho lokollela sechaba motšoaruoa eo se mo batlang.+
16 Ka eona nako eo, ba ne ba tšoere monna e mong oa senokoane ea tsebahalang. Lebitso la hae e ne e le Barabase.
17 Kahoo, ha ba bokane Pilato a re ho bona: “Le batla ke le lokollele mang, Barabase kapa Jesu eo ho thoeng ke Kreste?”
18 Pilato o ne a bona hore ba tlisitse Jesu ho eena hobane ba le mona.
19 Ha a ntse a lutse setulong sa kahlolo, mosali oa hae a mo romela molaetsa a re: “U se ke oa itšunya-tšunya litabeng tsa monna eo ea lokileng hobane ke lorile ka eena ’me toro eo e ne e le bohloko haholo.”
20 Empa baholo le baprista ba baholo ba susumeletsa sechaba ho kopa hore Barabase+ a lokolloe empa Jesu a bolaoe.+
21 ’Musisi a boela a re ho sechaba seo: “Le batla ke le lokollele ofe ho baa ba babeli?” Sa re: “Barabase.”
22 Pilato a re ho bona: “Joale ke etse’ng ka Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Sechaba sohle sa re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+
23 A re: “Hobane’ng? O entse’ng e mpe?” Empa sa hoeletsa le ho feta sa re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+
24 Ha Pilato a bona hore ha ho na letho leo a ka le etsang ebile ho tsoha moferefere, a nka metsi a hlapa matsoho ka pel’a sechaba eaba o re: “Ha ke na molato maling a motho enoa. Ke taba ea lona.”
25 Eaba batho kaofela ba re: “Mali a hae a be holim’a rona le bana ba rona.”+
26 A ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena ho masole hore a mo khokhothele palong.+
27 Joale masole a ’musisi a isa Jesu ha ’musisi ’me a bokella sehlopha sohle sa masole ho mo pota-pota.+
28 Masole ao a mo hlobolisa seaparo se selelele, a mo apesa se sefubelu+
29 eaba a loha korone ka meutloa a mo roesa eona ’me a mo fa lehlaka ka letsohong la hae le letona. A khumama ka pel’a hae, a mo soma a re: “Lumela, uena Morena oa Bajuda!”
30 Eaba a mo tšoela ka mathe,+ a nka lehlaka a mo otla ka lona hloohong.
31 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobolisa seaparo se sekareleta, a mo apesa liaparo tsa hae ’me a mo etella pele hore a e’o khokhotheloa palong.+
32 Eare ha masole a tsoa a fumana monna e mong oa Saerene ea bitsoang Simone. A qobella monna eo hore a jare palo eo Jesu a neng a tl’o khokhotheloa ho eona.*+
33 Ha masole a fihla Golgotha, e bolelang Sebaka sa Lehata,+
34 a mo fa veine e tsoakiloeng le nyooko* hore a e noe.+ Empa ka mor’a ho e latsoa, a hana ho e noa.
35 A mo khokhothela palong eaba a aba liaparo tsa hae ka ho lahla lotho+
36 ’me a lula moo a mo kata.
37 Ka holim’a hlooho ea hae a beha boto e ngotsoeng hore na o qoselitsoe’ng. E ne e re: “Enoa ke Jesu Morena oa Bajuda.”+
38 Joale masholu a mabeli a ne a khokhothetsoe lipalong pel’a hae, le leng ka ho le letona, le leng ka ho le letšehali.+
39 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola,+ ba sisinya lihlooho ba re:+
40 “U itse u tla heletsa tempele u be u e hahe ka matsatsi a mararo.+ Ipholose he! Haeba u mora oa Molimo, theoha palong eo u khokhothetsoeng ho eona!”*+
41 Baprista ba baholo, bangoli le baholo le bona ba qala ho mo soma ba re:+
42 “O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa. Haeba ke Morena oa Iseraele,+ ha a theohe palong eo a khokhothetsoeng ho eona* ’me re tla lumela ho eena.
43 O tšepile Molimo, joale haeba Molimo oa mo rata, ha a mo pholose+ kaha o ile a re: ‘Ke Mor’a Molimo.’”+
44 Esita le masholu a neng a khokhothetsoe lipalong tse pel’a hae a ile a mo rohaka joalo.+
45 Ka 12 motšehare* lefifi la aparela naha eohle ka lihora tse tharo.*+
46 Hoo e ka bang ka hora ea boraro mantsiboea,* Jesu a hoeletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng?”+
47 Ha batho ba emeng moo ba utloa a cho joalo ba re: “Monna enoa o bitsa Elia.”+
48 E mong oa bona a matha hang-hang eaba o nka seponche o se kenya ka har’a veine e bolila, a se hloma lehlakeng eaba oa mo fa hore a noe.+
49 Empa ba bang kaofela ba re: “Mo tlohele re bone hore na Elia o tla tla a mo pholose.”
50 Jesu a boela a hoeletsa eaba oa shoa.*+
51 Kharetene ea sehalalelo+ ea taboha ka lehare+ ho tloha holimo ho ea tlase,+ lefatše la sisinyeha, mafika a petsoha.
52 Mabitla a buleha eaba litopo tse ngata tsa bahalaleli ba neng ba shoele* lia tsoa
53 ’me batho ba bangata ba li bona (Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, batho ba neng ba le mabitleng ba kena motseng o halalelang).
54 Empa ha molaoli oa sesole le ba neng ba katile Jesu le eena ba bona tšisinyeho ea lefatše le lintho tse etsahalang, ba tšoha haholo ba re: “Kannete monna enoa e ne e le Mor’a Molimo.”+
55 Hape basali ba bangata ba neng ba felehelitse Jesu ha a tloha Galilea e le hore ba mo sebeletse, ba ne ba shebeletse ba le hojana.+
56 Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, Maria ’mè oa Jakobo le Jose hammoho le ’mè oa Jakobo le Johanne.*+
57 Motšehare oa mantsiboea ha fihla monna e mong ea ruileng oa Arimathea, ea bitsoang Josefa, ea neng a fetohile morutuoa oa Jesu.+
58 A ea ho Pilato a kopa setopo sa Jesu+ eaba Pilato o laela hore a se fuoe.+
59 Josefa a nka setopo seo, a se phuthela ka lesela la line e hloekileng ea boleng bo botle+
60 eaba o se beha ka lebitleng leo+ a neng a sa tsoa le cheka lefikeng. A beha lejoe le leholo monyako oa lebitla, a tsamaea.
61 Maria Magdalena le Maria e mong ba sala ba lutse moo ka pel’a lebitla.+
62 Letsatsing le hlahlamang e leng la Sabatha,*+ baprista ba baholo le Bafarisi ba bokana ka pel’a Pilato ba re:
63 “Mohlomphehi, re hopotse hore raleshano eane ha a sa ntse a phela o ile a re: ‘Ke tla tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo.’+
64 Laela hore lebitla la hae le katoe ho fihlela letsatsing la boraro e le hore barutuoa ba hae ba se ke ba mo utsoa+ eaba ba re ho batho: ‘O tsositsoe bafung!’ Joale leshano lena la ho qetela le tla ba lebe ho feta la pele.”
65 Pilato a re ho bona: “Nkang balebeli, le kate lebitla leo kahohle kamoo le ka khonang.”
66 Kahoo, ba ea ’me ba sireletsa lebitla ka ho tiisa lejoe le ho beha balebeli.
Linaletsana
^ Kapa: “ekileng.”
^ Kapa: “eka.”
^ Ka Segerike: “ke theko ea.”
^ Sheba Ntlha ea A5.
^ Ka Segerike: “Ke uena ea chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.
^ Kapa: “Mo bolaele palong.”
^ Kapa: “Mo bolaele palong.”
^ Seno se babang.
^ Ka Segerike: “Ka hora ea botšelela.”
^ Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ea borobong.”
^ Ka Segerike: “hora ea borobong.”
^ Ka Segerike: “o nehela moea.”
^ Ka Segerike: “robetse.”
^ Ka Segerike: “bara ba Zebedea.”
^ Ka Segerike: “ka mor’a Tokisetso.”

