Kosepele ea Matheu 8:1-34
8 Ka mor’a hore Jesu a theohe thabeng, batho ba bangata ba mo latela.
2 Monna ea nang le lepera a tla ’me a mo khumamela a re: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+
3 Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re: “Kea batla, hloeka.”+ Lepera la hae la fola hang-hang.+
4 Jesu a re ho eena: “U etse bonnete ba hore ha u bolelle mang kapa mang+ empa u ee ho moprista a u bone.+ U nyehele mpho eo Molao oa Moshe o laetseng hore e nyeheloe+ hore e be bopaki ho baprista.”
5 Ha a kena Kapernauma, molaoli oa sesole a tla ho eena, a mo kopa+
6 a re: “Mohlomphehi, mohlanka oa ka o robetse ka tlung ea ka, o shoele litho, o kula hampe.”
7 Jesu a re ho eena: “Ha ke fihla moo ke tla mo folisa.”
8 Molaoli oa sesole a re: “Mohlomphehi, ha ke tšoaneloe ke hore u kene ka tlung ea ka. Bua feela, mohlanka oa ka o tla fola.
9 Etsoe le ’na kea laoloa empa ke na le masole ao ke a laolang. Ha ke re ho lesole lena: ‘Tsamaea,’ lea tsamaea. Ha ke re ho le leng: ‘Tloo,’ lea tla. Leha ke re ho lekhoba la ka: ‘Etsa tjena,’ le etsa joalo.”
10 Ha Jesu a mo utloa, a makala ’me a re ho ba mo setseng morao: “Kannete kea le bolella, ha ho na motho eo ke fumaneng a e-na le tumelo e matla hakana Iseraele.+
11 Empa kea le bolella hore ba bangata ba tsoang bochabela le bophirimela ba tla tla ’me ba lule tafoleng le Abrahama, Isaka le Jakobo ’Musong oa maholimo.+
12 Athe bara ba ’Muso oa maholimo ba tla lahleloa lefifing ka ntle. Ke hona moo ba tla lla le ho tsikitlanya meno teng.”+
13 Eaba Jesu o re ho molaoli eo oa sesole: “Tsamaea. Kaha u bontšitse hore u na le tumelo, ho ke ho etsahale feela joalokaha u kopile.”+ Mohlanka eo a fola ka eona nako eo.+
14 Ha Jesu a kena ka tlung ea Petrose, a fumana mohoehali oa Petrose*+ a robetse a tšoeroe ke feberu.+
15 Kahoo, Jesu a tšoara letsoho la hae+ eaba oa fola. Mohoehali oa Petrose a ema eaba o ba etsetsa lijo.
16 Empa ha e e-ba mantsiboea, batho ba mo tlisetsa batho ba bangata ba nang le bademona. A leleka bademona bao ka ho ba laela feela ’me a phekola bohle ba neng ba kula
17 e le hore a phethahatse mantsoe a ileng a buuoa ka moprofeta Esaia ha a re: “O ile a jara maloetse a rona, a jara le mafu a rona.”+
18 Ha Jesu a bona letšoele le mo potolohile, a laela barutuoa ba hae hore ba tšelele ka lehlakoreng le leng la Leoatle la Galilea.+
19 Mongoli e mong a tla ho Jesu eaba o re ho eena: “Mosuoe, ke tla u latela kae kapa kae moo u eang teng.”+
20 Empa Jesu a re ho eena: “Liphokojoe li na le moo li lulang* le linonyana li na le lihlaha empa Mor’a motho eena ha a na ntlo.”*+
21 Eaba e mong oa barutuoa o re ho eena: “Morena, ke kopa ho e’o pata Ntate pele.”+
22 Jesu a re ho eena: “U ’ne u ntatele, u tlohele bafu ba pate bafu ba bona.”+
23 A palama sekepe eaba barutuoa ba hae baa mo latela.+
24 Ha ba le leoatleng, ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se koaheloa ke maqhubu. Empa Jesu eena o ne a robetse.+
25 Eaba baa tla ’me baa mo tsosa ba re: “Morena, re thuse rea shoa!”
26 Empa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Tumelo ea lona e fokola hakaakang!”+ Eaba oa ema o khalemela sefefo le leoatle ka matla ’me ha thola tu!+
27 Kahoo, banna bao ba makala ba re: “Motho eo ke oa mofuta ofe? Esita le lifefo le leoatle lia mo mamela.”
28 Ha a fihla lehlakoreng le leng naheng ea Bagadara, banna ba babeli ba nang le bademona ba ea ho eena ba hlaha mabitleng.+ Ba ne ba le bohale bo tšosang. Kahoo, ho ne ho se na motho ea sebete sa ho feta ka tsela eo.
29 Ba hoeletsa ba re: “Hantle u re batla’ng Mor’a Molimo?+ Na u tlile moo ho tla re hlokofatsa+ e e-s’o be nako ea teng?”+
30 Hojana le bona ho ne ho ntse ho fula likolobe tse ngata.+
31 Kahoo, bademona ba mo kopa ba re: “Haeba u re leleka, u mpe u re romele likolobeng.”+
32 A re ho bona: “Tsamaeang!” Ba tsoa eaba ba kena likolobeng. Likolobe tseo kaofela tsa mathela selomong tsa oela ka leoatleng eaba li shoella ka metsing.
33 Balisana ba balehela motseng, ba tlaleha ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akareletsa le taba ea banna ba nang le bademona.
34 Eaba batho bohle ba motse baa tsoa ho tla kopana le Jesu, ha ba mo bona ba mo kopa hore a tsamaee.+

