Kosepele ea Matheu 18:1-35

  • Motho e moholo ’Musong oa maholimo (1-6)

  • Lintho tse lihelang batho sebeng (7-11)

  • Papiso ea nku e lahlehileng (12-14)

  • Tsela ea ho thusa ngoan’eno ho etsa ntho e nepahetseng (15-20)

  • Papiso ea lekhoba le sa tšoareleng (21-35)

18  Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo ’Musong oa maholimo?”+ 2  A bitsa ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona 3  ’me a re: “Kannete kea le bolella hore ha le sa fetohe la tšoana le bana ba banyenyane,+ ho hang le ke ke la kena ’Musong oa maholimo.+ 4  Ka hona, mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa, ke eena e moholo ’Musong oa maholimo.+ 5  Hape mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela. 6  Haeba motho a etsa hore e mong oa ba banyenyane bana ba lumelang ho ’na a lahle tumelo ea hae,* ho ka ba molemo haholo hore leloala le leholo* le tlamelloe molaleng oa hae ebe o lahleloa ka leoatleng.+ 7  Ho malimabe lefatše hobane le etsisa batho sebe. Ke ’nete hore lintho tse lihelang batho sebeng li tla lula li le teng empa ho malimabe motho eo li tlang ka eena. 8  Joale, haeba letsoho kapa leoto la hao le etsa hore u etse sebe,* u le khaole u le lahlele hole le uena.+ Ho molemo hore u fumane bophelo u qhoalile kapa u holofetse ho e-na le ho lahleloa mollong o sa feleng* u e-na le matsoho kapa maoto a mabeli.+ 9  Hape, haeba leihlo la hao le etsa hore u etse sebe,* le honye u le lahlele hole le uena. Ho molemo hore u fumane bophelo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le ho lahleloa mollong oa Gehena* u e-na le mahlo a mabeli.+ 10  Itlhokomeleng hore le se ke la nyefola e mong oa ba banyenyane bana hobane kea le bolella hore mangeloi a bona a lula a le ka pel’a Ntate ea leholimong.+ 11 * —— 12  Le nahana joang? Haeba motho a e-na le linku tse 100 ebe e ’ngoe ea lahleha,+ na a ke ke a siea tse 99 lithabeng ebe oa tsamaea o e’o batla e lahlehileng?+ 13  Haeba a e fumane, kannete kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse 99 tse sa kang tsa lahleha. 14  Ka tsela e tšoanang, Ntate* ea leholimong ha a rate hore ho timele le ea mong oa ba banyenyane bana.+ 15  Hape haeba ngoan’eno a etsa sebe, e-ea u mo bontše phoso ea hae* moo le leng bang.+ Haeba a u mamela, u tla be u thusitse ngoan’eno ho etsa ntho e nepahetseng.+ 16  Empa haeba a sa mamele, u ee le paki e le ’ngoe kapa tse peli e le hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa ka bopaki* ba lipaki tse peli kapa tse tharo.+ 17  Haeba a sa ba mamele, u bue le phutheho. Haeba a sa mamele le phutheho, ho uena a be feela joaloka molichaba+ kapa ’mokelli oa lekhetho.+ 18  Kannete ke re ho lona, eng kapa eng e tlanngoeng maholimong, le tla e tlama lefatšeng. Hape eng kapa eng e lokolotsoeng maholimong, le tla e lokolla lefatšeng. 19  Kannete ke boetse ke re ho lona, haeba ba babeli ba lona lefatšeng ba lumellana ho kopa ntho efe kapa efe ea bohlokoa, Ntate ea leholimong o tla ba etsetsa eona.+ 20  Etsoe moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng ka lebitso la ka,+ ke teng moo har’a bona.” 21  Joale Petrose a tla ’me a re ho eena: “Morena, ke lokela ho tšoarela ngoan’eso ka makhetlo a makae ha a ntšitetsoe? A supileng?” 22  Jesu a re: “Eseng ka makhetlo a supileng empa ka makhetlo a 77.+ 23  Ke ka lebaka leo ’Muso oa maholimo o ka bapisoang le morena ea neng a batla hore makhoba a hae a mo patale chelete eo a mo kolotang eona. 24  Ha a qala ho bokella chelete eo a e kolotoang, bahlanka ba hae ba mo tlisetsa motho ea neng a mo kolota litalenta tse 10 000.* 25  Empa kaha o ne a se na mokhoa oa ho patala, mong’a hae a laela hore eena, mosali oa hae, bana ba hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona li rekisoe e le hore ho pataloe sekoloto.+ 26  Ka hona, lekhoba leo la itihela fatše la mo khumamela eaba le re: ‘U se ke oa mphella pelo hle mong’a ka. Ke tla patala sekoloto sa ka kaofela.’ 27  Mong’a lekhoba a le hauhela, a le tlohela hore le tsamaee eaba o hlakola sekoloto sa lona.+ 28  Empa lekhoba leo la tsoa ’me la fumana lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota lidenari tse 100.* La le tšoara, la le khama eaba le re: ‘Mpatale ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nkolotang eona.’ 29  Lekhoba-’moho le lona la itihela fatše eaba lea le kopa le re: ‘U se ke oa mphella pelo hle ngoan’eso, ke tla u patala.’ 30  Empa la hana ho le mamela. La tloha eaba lea le tšoarisa e le hore le lule teronkong ho fihlela le ka patala sekoloto sa lona. 31  Ha batho bao e leng makhoba-’moho le lona ba bona hore na ho etsahetse’ng, ba utloa bohloko haholo. Ba tsamaea ba tlalehela mong’a bona lintho tsohle tse etsahetseng. 32  Joale mong’a lekhoba leo a le bitsa a re ho lona: ‘Uena lekhoba le khopo, ke u hlakoletse sekoloto sa hao kaofela ha u ne u nkopa. 33  Na le uena u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena joalokaha le ’na ke u hauhetse?’+ 34  Mong’a lona a halefa haholo, a le kenya teronkong* ho fihlela le ka patala sekoloto sa lona kaofela. 35  Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla le etsa joalo+ haeba le lona le sa tšoarele bana ba bo lona ka lipelo tsohle tsa lona.”+

Linaletsana

^ Ka Segerike: “a khoptjoe.”
^ Kapa: “leloala le sothoang ke tonki.”
^ Mona ho buuoa ka ho timeletsoa ruri. Sheba Tlhaloso ea Gehena.
^ Ka Segerike: “khoptjoe.”
^ Ka Segerike: “khoptjoe.”
^ Kapa mohlomong: “Ntate oa lona.”
^ Ka Segerike: “u mo khalemele.”
^ Ka Segerike: “melomo.”
^ Litalenta tse 10 000 tsa silevera li lekana le lidenari tse 60 000 000. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Segerike: “a fana ka lona ho balebeli ba teronko.”