Kosepele ea Matheu 20:1-34

  • Basebetsi tšimong ea morara le moputso o lekanang (1-16)

  • Jesu o profeta lefu la hae hape (17-19)

  • Ba kopa maemo ’Musong oa Molimo (20-28)

    • Jesu o lopolla batho ba bangata (28)

  • Banna ba babeli ba sa boneng baa folisoa (29-34)

20  ’Muso oa maholimo o joaloka mong’a ntlo, ea ileng a tsoa hoseng haholo ho ea hira basebetsi bakeng sa tšimo ea hae ea morara.+  Ka mor’a hore a lumellane le basebetsi hore o tla ba patala denari* ka letsatsi, a ba romela tšimong ea hae ea morara.  Ha a tsoa hape hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng,* a bona ba bang ba eme ’marakeng ba hloka mosebetsi.  Le ho bao a re: ‘Le lona e-eang tšimong ea morara ’me ke tla le fa eng kapa eng e loketseng.’  Kahoo ba ea. A boela a tsoa hoo e ka bang ka 12 motšehare* le ka hora ea boraro motšehare oa mantsiboea* ’me a hira basebetsi ba bang.  Qetellong, hoo e ka bang ka hora ea bohlano mantsiboea* a tsoa ’me a fumana ba bang ba eme eaba o re ho bona: ‘Ke hobane’ng ha le eme moo letsatsi lohle le hloka mosebetsi?’  Ba re ho eena: ‘Hobane ha ho na motho ea re hirileng.’ A re ho bona: ‘Le lona e-eang tšimong ea ka ea morara.’  Ha letsatsi le likela, mong’a tšimo ea morara a re ho motho ea ikarabellang: ‘Bitsa basebetsi ’me u ba lefe meputso ea bona,+ ho qala ka oa ho qetela ho isa ho oa pele.’  Ha banna ba hiriloeng ka hora ea bohlano mantsiboea* ba tla, e mong le e mong a pataloa denari.* 10  Kahoo, ha ba pele ba tla, ba nahana hore ba ne ba tla pataloa haholoanyane empa le bona ba pataloa denari.* 11  Ba e amohela ba ntse ba korotlela mong’a tšimo 12  ba re: ‘Banna ba ho qetela ba sebelitse hora e le ’ngoe feela empa u ba patetse moputso o lekanang le oa rona ba sebelitseng ka thata letšehare lohle har’a mocheso o bataolang.’ 13  Empa ha a araba e mong oa bona a re: ‘Monn’a heso, ha ke u qhekelle. Na ha rea lumellana ka hore ke tla u patala denari?*+ 14  Nka moputso oa hao u tsamaee. Ke batla ho fa enoa oa ho qetela moputso o lekanang le oo ke u fileng oona. 15  Na ha ke na tokelo ea ho etsa ntho eo ke e batlang ka lintho tsa ka? Kapa u mona ha ke ba entse hantle?’*+ 16  Ka tsela ena ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.”+ 17  Ha Jesu a le tseleng e nyolohelang Jerusalema, a nkela barutuoa ba 12 lekunutung eaba o re ho bona:+ 18  “Re nyolohela Jerusalema ’me ba tla nehelana ka Mor’a motho ho baprista ba baholo le bangoli. Ba tla mo ahlolela lefu,+ 19  ba nehelane ka eena ho balichaba hore ba mo some, ba mo shape ba be ba mo bolaele palong.+ O tla tsosoa ka letsatsi la boraro.”+ 20  Mohats’a Zebedea+ a ea ho eena a e-na le bara ba hae. A mo khumamela eaba o mo kopa ho hong.+ 21  Jesu a re ho eena: “U batla’ng?” ’Mè eo a re: “Ke kopa hore bara bana ba ka ba babeli ba lule le uena ’Musong oa hao, e mong ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho le letšehali.”+ 22  Jesu a re: “Ha le tsebe hore na le kopa’ng. Na le ka noa ntho eo ke leng haufi le ho e noa?”+ Ba re ho eena: “Re ka e noa.” 23  A re ho bona: “E, ho e noa le tla e noa+ empa ha se ’na ea khethang hore na ke mang ea tla lula ka letsohong la ka le letona kapa le letšehali. Ke Ntate ea khethang.”+ 24  Ha barutuoa ba bang ba leshome ba utloa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.+ 25  Empa Jesu a ba bitsetsa ho eena a re: “Lea tseba hore babusi ba lichaba ba li tšoara ka thata le banna ba baholo baa li hatella.+ 26  Lona ha lea lokela ho etsa joalo+ empa ea batlang ho ba moholo har’a lona e lokela ho ba mosebeletsi oa lona.+ 27  Ea batlang ho ba oa pele har’a lona, e lokela ho ba mohlanka oa lona.+ 28  Etsoe le Mor’a motho ha aa ka a tlela lefatšeng ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+ 29  Ha ba tsoa Jeriko, letšoelehali la mo latela. 30  Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba sa boneng ba lutseng pel’a tsela. Ba utloa hore Jesu o feta moo eaba baa hoeletsa ba re: “Morena, Mora oa Davida, re hauhele!”+ 31  Letšoele la ba khalemela la re ba thole empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Morena, Mora oa Davida, re hauhele!” 32  Kahoo, Jesu a ema, a ba bitsa a re: “Ke le etsetse’ng?” 33  Ba re ho eena: “Morena, re kopa u re bule mahlo.” 34  Jesu a ba hauhela eaba o thetsa mahlo a bona.+ Hang-hang ba bona ’me ba mo sala morao.

Linaletsana

Ka Segerike: “hora ea boraro.”
Ka Segerike: “hora ea botšelela.”
Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Ka Segerike: “hora ea bo11.”
Ka Segerike: “hora ea bo11.”
Kapa: “ha ke fana.”